DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phupjane 2025

2025 Phupjane 30, Mmantaha

Moo ke reng:
“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.

2025 Phupjane 29, Sontaha

Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.

2025 Phupjane 28, Moqebelo

Empa nna ke tla lebella Morena,
ke lebelle Modimo,
Mopholosi wa ka;
Modimo wa ka o tla nkutlwa.

2025 Phupjane 27, Labohlane

Mphodise, Morena,
mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang.

2025 Phupjane 26, Labone

Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.

2025 Phupjane 25, Laboraru

O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.

2025 Phupjane 24, Labobedi

Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao.

2025 Phupjane 23, Mmantaha

Mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.

2025 Phupjane 22, Sontaha

Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.

2025 Phupjane 21, Moqebelo

Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.

2025 Phupjane 20, Labohlane

Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.

2025 Phupjane 19, Labone

Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.

2025 Phupjane 18, Laboraru

Lebella Morena, o be sebete;
tiya pelo, o lebelle Morena.

2025 Phupjane 17, Labobedi

Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.

2025 Phupjane 16, Mmantaha

Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.

2025 Phupjane 15, Sontaha

Ngwana ya bohlale
o thabisa ntatae,
ngwana ya sethoto
ke masisapelo ho mmae.

2025 Phupjane 14, Moqebelo

Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.

2025 Phupjane 13, Labohlane

Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.

2025 Phupjane 12, Labone

Ba tsebang lebitso la hao
ba ke ba o tshepe,
ba o tshepe hobane wena Morena,
o ke ke wa furalla ba o batlang.

2025 Phupjane 11, Laboraru

Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.

2025 Phupjane 10, Labobedi

Ha ho ya lokileng mona lefatsheng,
ya etsang ho molemo,
ya sa etseng sebe.

2025 Phupjane 9, Mmantaha

Karabo e nepahetseng
e thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang!

2025 Phupjane 8, Sontaha

Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

2025 Phupjane 7, Moqebelo

Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?

2025 Phupjane 6, Labohlane

Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?

2025 Phupjane 5, Labone

Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.

2025 Phupjane 4, Laboraru

Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.

2025 Phupjane 3, Labobedi

Merero e mengata
ka pelong ya motho,
empa wa Morena
wona o hlola kamehla.

2025 Phupjane 2, Mmantaha

Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

2025 Phupjane 1, Sontaha

Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.