2025 Motsheanong 31, Moqebelo
Tsohle tse phelangdi ke di rorise Morena.
Haleluja!
2025 Motsheanong 30, Labohlane
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.2025 Motsheanong 29, Labone
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.2025 Motsheanong 28, Laboraru
Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha.
2025 Motsheanong 27, Labobedi
Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.2025 Motsheanong 26, Mmantaha
Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.2025 Motsheanong 25, Sontaha
Ako mpaballe Modimo,hobane ke tshabela ho wena.
2025 Motsheanong 24, Moqebelo
Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.2025 Motsheanong 23, Labohlane
Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.2025 Motsheanong 22, Labone
Polelo tsa ya kgopodi timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo.
2025 Motsheanong 21, Laboraru
Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang.2025 Motsheanong 20, Labobedi
Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.2025 Motsheanong 19, Mmantaha
Tloong,a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona.
2025 Motsheanong 18, Sontaha
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.
2025 Motsheanong 17, Moqebelo
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.2025 Motsheanong 16, Labohlane
Hlohonolo la Morenale entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang.
2025 Motsheanong 15, Labone
Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.2025 Motsheanong 14, Laboraru
Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!2025 Motsheanong 13, Labobedi
Oho, Modimo, ako bope ka ho nna,o bope pelo e hlwekileng,
o kenye moya o motjha, o tiileng,
o o kenye ka sefubeng sa ka.
2025 Motsheanong 12, Mmantaha
Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”2025 Motsheanong 11, Sontaha
Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.2025 Motsheanong 10, Moqebelo
Mora wa ka,boloka taelo tsa ntatao,
o se furalle thuto ya mmao.
2025 Motsheanong 9, Labohlane
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi.2025 Motsheanong 8, Labone
O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.2025 Motsheanong 7, Laboraru
Kamehlake ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
2025 Motsheanong 6, Labobedi
Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”2025 Motsheanong 5, Mmantaha
Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.2025 Motsheanong 4, Sontaha
Ho fumana bohlaleho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera.
2025 Motsheanong 3, Moqebelo
Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.2025 Motsheanong 2, Labohlane
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.2025 Motsheanong 1, Labone
Haeba e se Morenaya hahang ntlo,
ba e hahang ba sebeletsa lelea.
Haeba e se Morena
ya lebelang motse,
ya o lebelang o fadimehela lefeela.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ebe motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?