2022 Hlakola 28, Mmantaha
Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.2022 Hlakola 27, Sontaha
Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”2022 Hlakola 26, Moqebelo
Baballa pelo ya hao,e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo.
2022 Hlakola 25, Labohlane
Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.2022 Hlakola 24, Labone
Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.2022 Hlakola 23, Laboraru
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.
2022 Hlakola 22, Labobedi
Le se ke la ithetsa.“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.”
2022 Hlakola 21, Mmantaha
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.2022 Hlakola 20, Sontaha
Ya buang haholosebe se teng polelong tsa hae,
ya sa buabueng
yena ke motho ya bohlale.
2022 Hlakola 19, Moqebelo
Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.2022 Hlakola 18, Labohlane
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.2022 Hlakola 17, Labone
Sehlabelo se ratwang ke Modimo:ke moya o swabileng;
ke pelo e swabileng, e hlomohileng;
oho, Modimo, o ke ke wa e kgesa.
2022 Hlakola 16, Laboraru
Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.2022 Hlakola 15, Labobedi
Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.2022 Hlakola 14, Mmantaha
Moratuwa,botle ba hao bo phethehile,
botle ba hao bo hloka sekodi.
2022 Hlakola 13, Sontaha
Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.2022 Hlakola 12, Moqebelo
Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.2022 Hlakola 11, Labohlane
O ila hlajwaka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae.
2022 Hlakola 10, Labone
Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.2022 Hlakola 9, Laboraru
Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.2022 Hlakola 8, Labobedi
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
2022 Hlakola 7, Mmantaha
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.2022 Hlakola 5, Moqebelo
Ke hlakotse tshito tsa haojwaloka leru,
ka hlakola dibe tsa hao
jwaloka mohodi,
kgutlela ho nna,
hobane ke o lopolotse.
2022 Hlakola 4, Labohlane
Hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.2022 Hlakola 3, Labone
Ke tla ba tshwarelamakgopo a bona,
ha ke sa tla hlola
ke hopola dibe tsa bona.
2022 Hlakola 2, Laboraru
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
2022 Hlakola 1, Labobedi
Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.Temana ya go latela!