2022 Hlakubele 31, Labone
Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.
2022 Hlakubele 30, Laboraru
Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.2022 Hlakubele 29, Labobedi
Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?2022 Hlakubele 28, Mmantaha
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
2022 Hlakubele 27, Sontaha
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.2022 Hlakubele 26, Moqebelo
Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.2022 Hlakubele 25, Labohlane
Lena ke lona letsatsile entsweng ke Morena;
a re nyakalleng,
re thabeng ke hona.
2022 Hlakubele 24, Labone
Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.2022 Hlakubele 23, Laboraru
Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.2022 Hlakubele 22, Labobedi
Motswalle o na le lerato kamehla,ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
2022 Hlakubele 21, Mmantaha
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.
2022 Hlakubele 20, Sontaha
Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.2022 Hlakubele 19, Moqebelo
Lebella Morena, o be sebete;tiya pelo, o lebelle Morena.
2022 Hlakubele 18, Labohlane
Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.2022 Hlakubele 17, Labone
Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”2022 Hlakubele 16, Laboraru
Leme le thabisangke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
2022 Hlakubele 15, Labobedi
Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.2022 Hlakubele 14, Mmantaha
Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.2022 Hlakubele 13, Sontaha
Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
yena ke thebe
ya bohle ba tshabelang ho yena.
2022 Hlakubele 12, Moqebelo
Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”2022 Hlakubele 11, Labohlane
Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.2022 Hlakubele 10, Labone
Ba tshepahalangba tataiswa ke botshepehi ba bona,
ba sa tshepahaleng bona ba timela,
ba timetswa
ke ho se tshepahale ha bona.
2022 Hlakubele 9, Laboraru
Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle.”2022 Hlakubele 8, Labobedi
Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.2022 Hlakubele 7, Mmantaha
Kamehlake ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
2022 Hlakubele 6, Sontaha
Maruo le hlompho di tswa ho wena,tsohle di buswa ke wena;
tsoho la hao le matla, le sefea,
ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
2022 Hlakubele 5, Moqebelo
Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.2022 Hlakubele 4, Labohlane
Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.2022 Hlakubele 3, Labone
Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.2022 Hlakubele 2, Laboraru
Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.2022 Hlakubele 1, Labobedi
Ha ba lokileng ba lla,Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Pelo e thabilenge tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.Temana ya go latela!