2022 Phesekgong 31, Mmantaha
Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.2022 Phesekgong 30, Sontaha
Itlhatsweng, le itlhwekise,tlosang ketso tsa lona
tse kgopo mahlong a ka,
le kgaotse ho etsa bokgopo.
2022 Phesekgong 29, Moqebelo
Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.2022 Phesekgong 28, Labohlane
Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.2022 Phesekgong 27, Labone
Ditshiu tsa ka di matsohong a hao;nnamolele diatleng tsa dira tsa ka,
o nnamolele le ho bahlorisi ba ka.
2022 Phesekgong 26, Laboraru
Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.”2022 Phesekgong 25, Labobedi
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.2022 Phesekgong 24, Mmantaha
Mpho e betlela mofani tsela,e mmee kapele ho mahosi a hae.
2022 Phesekgong 23, Sontaha
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.2022 Phesekgong 22, Moqebelo
Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.2022 Phesekgong 21, Labohlane
Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.
2022 Phesekgong 20, Labone
Mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.2022 Phesekgong 19, Laboraru
Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?2022 Phesekgong 18, Labobedi
Ya lalang diphoso ka mmeleo qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.
2022 Phesekgong 17, Mmantaha
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”
2022 Phesekgong 16, Sontaha
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.2022 Phesekgong 15, Moqebelo
Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;
mohau wa hao o moholo
ho bohle ba ipiletsang ho wena.
2022 Phesekgong 14, Labohlane
Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.2022 Phesekgong 13, Labone
Hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.2022 Phesekgong 12, Laboraru
Morena o a futsanehisa,o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa.
2022 Phesekgong 11, Labobedi
A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.”2022 Phesekgong 10, Mmantaha
Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.2022 Phesekgong 9, Sontaha
Ho lehlohonolo bohle,bohle ba tshabang Morena,
ba tsamayang ditseleng tsa hae.
2022 Phesekgong 8, Moqebelo
Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.2022 Phesekgong 7, Labohlane
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.2022 Phesekgong 6, Labone
Bona, ya kgopo yenaa ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae.
2022 Phesekgong 5, Laboraru
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.2022 Phesekgong 4, Labobedi
Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.2022 Phesekgong 3, Mmantaha
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
2022 Phesekgong 2, Sontaha
Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!2022 Phesekgong 1, Moqebelo
Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...