2021 Tshitwe 31, Labohlane
Moya wa ka o o tsetselela bosiu,pelo ya ka le yona
e o hlolohetswe haholo.
Ha kahlolo tsa hao
di phethwa lefatsheng,
baahi ba lefatshe
ba tla ithuta ho loka.
2021 Tshitwe 30, Labone
Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.2021 Tshitwe 29, Laboraru
Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.
2021 Tshitwe 28, Labobedi
Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.2021 Tshitwe 27, Mmantaha
Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.2021 Tshitwe 26, Sontaha
Nka ba le mang lehodimonghaese wena?
Ha ke ena le wena,
ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.
2021 Tshitwe 25, Moqebelo
Ha ba le moo, nako ya hae ya ho beleha ya fihla, mme a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phutha ka masela, a mo robatsa ka sejelong, hobane ba ne ba hlokile sebaka tlung ya baeti.2021 Tshitwe 24, Labohlane
Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.”2021 Tshitwe 23, Labone
A matle hakaakang maotoa ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!”
2021 Tshitwe 22, Laboraru
Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.2021 Tshitwe 21, Labobedi
Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.2021 Tshitwe 20, Mmantaha
Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.
2021 Tshitwe 19, Sontaha
Ho tshaba Modimoke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo.
2021 Tshitwe 18, Moqebelo
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.2021 Tshitwe 17, Labohlane
Batlang Morenaha a sa ntse a ka fumanwa,
ipiletseng ho yena a sa le haufi.
2021 Tshitwe 16, Labone
Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.2021 Tshitwe 15, Laboraru
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.2021 Tshitwe 14, Labobedi
O setshabelo sa ka le thebe ya ka,ke tshepile lentswe la hao.
2021 Tshitwe 13, Mmantaha
Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”2021 Tshitwe 12, Sontaha
Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng.”2021 Tshitwe 11, Moqebelo
Sethoto ha se thabeleho ba le kutlwisiso,
se thabela
ho pepesa mehopolo ya sona.
2021 Tshitwe 10, Labohlane
Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong.2021 Tshitwe 9, Labone
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.
2021 Tshitwe 8, Laboraru
Ahlolelang mofokodi ka toka,ahlolelang le kgutsana ka toka;
etsetsang mohlophehi toka,
le mohloki le mo etsetse yona.
2021 Tshitwe 7, Labobedi
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.2021 Tshitwe 6, Mmantaha
Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.2021 Tshitwe 5, Sontaha
Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,
monna o tentshwa tshea
ke banna ba bang.
2021 Tshitwe 4, Moqebelo
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.2021 Tshitwe 3, Labohlane
Ka baka leo, haeba ba re ho lona: ‘Bonang, o teng feelleng!’ le se ke la ya teng; kapa: ‘Bonang, o phaposing!’ le se ke la ba la dumela, hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.2021 Tshitwe 2, Labone
Lentswe la haoke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.
2021 Tshitwe 1, Laboraru
Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...