2021 Pundungwane 30, Labobedi
Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.2021 Pundungwane 29, Mmantaha
Ya entseng hore tsee di etsahaleke mang?
ya bitsitseng meloko
ho tloha tshimolohong
ke mang?
Ke nna Morena,
ebile ke nna wa ho qala,
ke nna Morena
ya tla ba le ba ho qetela.
2021 Pundungwane 28, Sontaha
Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.2021 Pundungwane 27, Moqebelo
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.2021 Pundungwane 26, Labohlane
Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana.
2021 Pundungwane 25, Labone
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.2021 Pundungwane 24, Laboraru
Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”2021 Pundungwane 23, Labobedi
Motho o bona tsela tsohle tsa hae,o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo.
2021 Pundungwane 22, Mmantaha
Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.2021 Pundungwane 21, Sontaha
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.2021 Pundungwane 20, Moqebelo
Thuso ya rona e tswa ho Morena,ya entseng mahodimo le lefatshe.
2021 Pundungwane 19, Labohlane
Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.2021 Pundungwane 18, Labone
Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.2021 Pundungwane 17, Laboraru
Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena.
2021 Pundungwane 16, Labobedi
Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.2021 Pundungwane 15, Mmantaha
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.2021 Pundungwane 14, Sontaha
Empa nna Modimo o a nthusa,Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.
2021 Pundungwane 13, Moqebelo
Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.2021 Pundungwane 12, Labohlane
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.2021 Pundungwane 11, Labone
Nna, nna ke inotshi,ke nna ya le tshedisang.
O mang wena o tshabang batho,
dibopuwa tse shwang?
O tshabang batho
ba itshwanelang le jwang feela?
2021 Pundungwane 10, Laboraru
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.2021 Pundungwane 9, Labobedi
Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.2021 Pundungwane 8, Mmantaha
Ke a o thabela,ke nyakallela ho wena;
ke roka lebitso la hao,
wena Ya Hodimodimo.
2021 Pundungwane 7, Sontaha
Hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.2021 Pundungwane 6, Moqebelo
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.2021 Pundungwane 5, Labohlane
Tsena tsohledi tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng.
2021 Pundungwane 4, Labone
Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.2021 Pundungwane 3, Laboraru
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.2021 Pundungwane 2, Labobedi
Modimo, bontsha horeo okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
2021 Pundungwane 1, Mmantaha
O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.Temana ya go latela!