DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Mphalane 2021)

2021 Mphalane 31, Sontaha

Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.

2021 Mphalane 30, Moqebelo

Ha pelo ya ka e touta haholo,
matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.

2021 Mphalane 29, Labohlane

Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.

2021 Mphalane 28, Labone

Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.

2021 Mphalane 27, Laboraru

O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.

2021 Mphalane 26, Labobedi

Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.

2021 Mphalane 25, Mmantaha

Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.

2021 Mphalane 24, Sontaha

Nka ya kae
ho ipatela moya wa hao?
Nka balehela kae
ho ipatela sefahleho sa hao?
Ha nka nyolohela mahodimong,
o teng moo;
leha nka theohela Nqalong ya Bafu,
le teng o teng.

2021 Mphalane 23, Moqebelo

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

2021 Mphalane 22, Labohlane

Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

2021 Mphalane 21, Labone

Ho feha matshwafo
ho nyahamisa pelo ya motho,
polelo e monate yona e a e thoba.

2021 Mphalane 20, Laboraru

A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”

2021 Mphalane 19, Labobedi

O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae.

2021 Mphalane 18, Mmantaha

Jwalokaha ntata bana
a ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.

2021 Mphalane 17, Sontaha

Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.

2021 Mphalane 16, Moqebelo

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

2021 Mphalane 15, Labohlane

Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa.

2021 Mphalane 14, Labone

Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

2021 Mphalane 13, Laboraru

Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.

2021 Mphalane 12, Labobedi

Kgosi eo e tlotlehang ke mang?
Ke Morena wa mabotho,
ke yena Kgosi e tlotlehang.

2021 Mphalane 11, Mmantaha

“Hona jwale,” ho rialo Morena,
“kgutlelang ho nna
ka pelo tsa lona tsohle,
ka ho itima dijo,
ka meokgo le ka dillo.”

2021 Mphalane 10, Sontaha

Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”

2021 Mphalane 9, Moqebelo

Ho etsa ho lokileng
le ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.

2021 Mphalane 8, Labohlane

Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.

2021 Mphalane 7, Labone

Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.

2021 Mphalane 6, Laboraru

Hase ka sabole ba hapileng naha eo,
leha e le ho hlola
ka matsoho a bona;
empa e bile
ka tsoho la hao le letona,
le ka sefea sa hao,
le ka ho ba phuthollela
fahleho sa hao,
hobane o ne o ba rata.

2021 Mphalane 5, Labobedi

Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.

2021 Mphalane 4, Mmantaha

Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.

2021 Mphalane 3, Sontaha

Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana.

2021 Mphalane 1, Labohlane

E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela