DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Leotshe 2021)

2021 Leotshe 30, Labone

Ditemoso tsa hao
ke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.

2021 Leotshe 29, Laboraru

“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.

2021 Leotshe 28, Labobedi

Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.

2021 Leotshe 27, Mmantaha

O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.

2021 Leotshe 26, Sontaha

Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.

2021 Leotshe 25, Moqebelo

Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.

2021 Leotshe 24, Labohlane

O se ke wa re nea tlotla, Morena,
o se ke wa e nea rona,
o mpe o e nee lebitso la hao,
ka baka la mohau wa hao
le botshepehi ba hao.

2021 Leotshe 23, Labone

Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.

2021 Leotshe 22, Laboraru

Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.

2021 Leotshe 21, Labobedi

Morena o molemo, ke setshabelo;
ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa.

2021 Leotshe 20, Mmantaha

Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.

2021 Leotshe 19, Sontaha

Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.

2021 Leotshe 18, Moqebelo

Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao.

2021 Leotshe 17, Labohlane

Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.

2021 Leotshe 16, Labone

Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.

2021 Leotshe 15, Laboraru

Ya nang le mamello
o molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.

2021 Leotshe 14, Labobedi

Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.

2021 Leotshe 13, Mmantaha

Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.

2021 Leotshe 12, Sontaha

Na ha le tsebe,
kapa ha le eso utlwe?
Morena ke Modimo
wa kamehla yohle,
ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
A ke ke a kgathala kapa a tepella,
mehopolo ya hae
e ke ke be ya fihlelwa.

2021 Leotshe 11, Moqebelo

Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.

2021 Leotshe 10, Labohlane

Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.

2021 Leotshe 9, Labone

Ntlhahlobe, Modimo,
o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.

2021 Leotshe 8, Laboraru

Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.

2021 Leotshe 7, Labobedi

Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.

2021 Leotshe 6, Mmantaha

O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile.

2021 Leotshe 5, Sontaha

Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.

2021 Leotshe 4, Moqebelo

Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.

2021 Leotshe 3, Labohlane

Hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung.

2021 Leotshe 2, Labone

Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.

2021 Leotshe 1, Laboraru

Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela