2021 Phata 31, Labobedi
Mohla tsatsi leo, le tla re:“Lebohang Morena, le mo rapele,
phatlalatsang mesebetsi ya hae
hara ditjhaba,
le bolele hore bitso la hae le leholo.”
2021 Phata 30, Mmantaha
Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.2021 Phata 29, Sontaha
Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.2021 Phata 28, Moqebelo
Ruri lehlohonolo le mohaudi tla ba le nna,
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
ke phele kateng kamehla yohle.
2021 Phata 27, Labohlane
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.2021 Phata 26, Labone
Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.2021 Phata 25, Laboraru
Boikakaso bo etella timelo pele,boikokobetso bona
bo tla pele ho tlotla.
2021 Phata 24, Labobedi
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.2021 Phata 23, Mmantaha
Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’2021 Phata 22, Sontaha
Modimo o re hlohonolofaditse,a tshajwe ke bohle lefatsheng,
ho isa dipheletsong tsa lona.
2021 Phata 21, Moqebelo
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.2021 Phata 20, Labohlane
Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.2021 Phata 19, Labone
Morena ke yena moahlodi wa rona,Morena ke yena
ya re beelang molao,
Morena ke yena kgosi ya rona,
Morena ke yena ya tla re pholosa.
2021 Phata 18, Laboraru
Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”2021 Phata 17, Labobedi
Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.2021 Phata 16, Mmantaha
Karabo e nepahetsenge thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang!
2021 Phata 15, Sontaha
A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.”2021 Phata 14, Moqebelo
Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.2021 Phata 13, Labohlane
Furalla bobe, o etse botle;batla kgotso, o e pheelle.
2021 Phata 12, Labone
Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.2021 Phata 11, Laboraru
Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.2021 Phata 10, Labobedi
Polelo tsa ya kgopodi timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo.
2021 Phata 9, Mmantaha
Ya nyahameng peloeka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
2021 Phata 8, Sontaha
Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.2021 Phata 7, Moqebelo
Morena o beile leihlo la haeho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.
2021 Phata 6, Labohlane
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.2021 Phata 5, Labone
Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”2021 Phata 4, Laboraru
Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing.
2021 Phata 3, Labobedi
Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.2021 Phata 2, Mmantaha
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.2021 Phata 1, Sontaha
O rata ho loka le toka;lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...