2021 Phupu 31, Moqebelo
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.2021 Phupu 30, Labohlane
Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?2021 Phupu 29, Labone
Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2021 Phupu 28, Laboraru
Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.2021 Phupu 27, Labobedi
Hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.2021 Phupu 26, Mmantaha
Morena o moholo,o lokelwa ke thoriso e kgolo,
boholo ba hae ha bo fihlelwe.
2021 Phupu 25, Sontaha
Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo.2021 Phupu 24, Moqebelo
Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.2021 Phupu 23, Labohlane
Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.
2021 Phupu 22, Labone
Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.2021 Phupu 21, Laboraru
Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?2021 Phupu 20, Labobedi
A ke a o fese ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.
2021 Phupu 19, Mmantaha
Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.2021 Phupu 18, Sontaha
Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.2021 Phupu 17, Moqebelo
O ile a tima lenyorala ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.
2021 Phupu 16, Labohlane
Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.2021 Phupu 15, Labone
Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.2021 Phupu 14, Laboraru
Kgaotsang, le tsebehore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe.
2021 Phupu 13, Labobedi
Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.2021 Phupu 12, Mmantaha
A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”2021 Phupu 11, Sontaha
Ho tshaba Morenaho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
2021 Phupu 10, Moqebelo
Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.2021 Phupu 9, Labohlane
Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.2021 Phupu 8, Labone
Kgalefo ya haeke ya motsotswana feela,
lerato la hae
ke la bophelo bohle ba motho.
Leha nka robala ka meokgo,
ha bo esa e se e le nyakallo.
2021 Phupu 7, Laboraru
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.2021 Phupu 6, Labobedi
‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’2021 Phupu 5, Mmantaha
Modimo ke mang,haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona?
2021 Phupu 3, Moqebelo
Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.2021 Phupu 2, Labohlane
Jwalokaha tsela ya moyao sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle.
2021 Phupu 1, Labone
Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...