2021 Phupjane 30, Laboraru
Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.2021 Phupjane 29, Labobedi
Ke yena feela lefika la kale pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.
2021 Phupjane 28, Mmantaha
Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.2021 Phupjane 27, Sontaha
Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.2021 Phupjane 26, Moqebelo
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.
2021 Phupjane 25, Labohlane
Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.2021 Phupjane 24, Labone
Empa toka e ke e phalle,e phalle jwaloka noka,
ho loka ho ke ho be
jwaloka molatswana,
ho ke molatswana
o phallang kamehla.
2021 Phupjane 23, Laboraru
Ntsamaise nneteng ya hao,o nthute yona,
hobane wena o Modimo
ya mpholosang;
ke o lebeletse ka matsatsi wohle,
ka baka la molemo wa hao Morena.
2021 Phupjane 22, Labobedi
Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.2021 Phupjane 21, Mmantaha
Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.2021 Phupjane 20, Sontaha
Binelang Modimo,rokang lebitso la hae,
lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
Lebitso la hae ke Morena,
nyakallang mahlong a hae.
Modimo ke ntata dikgutsana,
ke mosireletsi wa bahlolohadi,
o leahong la hae le halalelang.
2021 Phupjane 19, Moqebelo
Empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
2021 Phupjane 18, Labohlane
Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.2021 Phupjane 17, Labone
Ya tshwarang leme la haeo baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela.
2021 Phupjane 16, Laboraru
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.2021 Phupjane 15, Labobedi
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.2021 Phupjane 14, Mmantaha
Ke tla o tumisa,wena Modimo wa ka
o leng Kgosi ya ka,
ke boke lebitso la hao
kamehla le mehla.
2021 Phupjane 13, Sontaha
Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.
2021 Phupjane 12, Moqebelo
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.2021 Phupjane 11, Labohlane
Ya diehang ho halefao na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto.
2021 Phupjane 10, Labone
Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.2021 Phupjane 9, Laboraru
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.2021 Phupjane 8, Labobedi
Ke ikgethetse tsela ya nnete,dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.
2021 Phupjane 7, Mmantaha
Jwalokaha lehodimole phahametse lefatshe,
tsela tsa ka le tsona
di phahametse tsa lona,
le mehopolo ya ka
e phahametse ya lona.
2021 Phupjane 6, Sontaha
Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.2021 Phupjane 5, Moqebelo
Morena ke matla a ka le thebe ya ka;pelo ya ka e mo tshepile,
mme o nthusitse;
pelo ya ka e nyakaletse,
ke mmoka ka dipina.
2021 Phupjane 4, Labohlane
Mme mang le mangya tla rapela Morena
o tla pholoswa!
2021 Phupjane 3, Labone
Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.2021 Phupjane 2, Laboraru
Mahodimo a phatlalatsatlotla ya Morena,
sebaka sa lehodimo se a bolela,
se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
letsatsi ka leng le phetela le leng,
bosiu ka bong bo tsebisa bo bong.
2021 Phupjane 1, Labobedi
Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,hobane ba tla tshediswa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Mahlo a ka a tadima dithabeng;ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Thuso ya ka e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.Temana ya go latela!