2021 Motsheanong 31, Mmantaha
Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.2021 Motsheanong 30, Sontaha
Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.
2021 Motsheanong 29, Moqebelo
Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?2021 Motsheanong 28, Labohlane
Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.2021 Motsheanong 27, Labone
Eba molomowa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng.
2021 Motsheanong 26, Laboraru
Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.2021 Motsheanong 25, Labobedi
Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.2021 Motsheanong 24, Mmantaha
Morena, o tseba tsohletseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena.
2021 Motsheanong 23, Sontaha
O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.2021 Motsheanong 22, Moqebelo
Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.2021 Motsheanong 21, Labohlane
Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.2021 Motsheanong 20, Labone
Ho molemo ho tshabela ho Morena,ho ena le ho tshepa motho.
2021 Motsheanong 19, Laboraru
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.2021 Motsheanong 18, Labobedi
Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.2021 Motsheanong 17, Mmantaha
Pelong tsa ba rerang bobeho tletse thetso,
empa tsa ba rerang kgotso
tsona di tletse thabo.
2021 Motsheanong 16, Sontaha
Athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.2021 Motsheanong 15, Moqebelo
Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.2021 Motsheanong 14, Labohlane
Nthute tsela ya hao Morena,ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao.
2021 Motsheanong 13, Labone
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.2021 Motsheanong 12, Laboraru
Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”
2021 Motsheanong 11, Labobedi
Matlafatsa mehato ya kaho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe.
2021 Motsheanong 10, Mmantaha
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.2021 Motsheanong 9, Sontaha
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.2021 Motsheanong 8, Moqebelo
Modimo wa rona o mahodimong,o etsa tsohle tse mo kgahlang.
2021 Motsheanong 7, Labohlane
Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.2021 Motsheanong 6, Labone
Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.2021 Motsheanong 5, Laboraru
Ha e mong a ewa,e mong o a mo tsosa;
ho madimabe ya wang
ho se na mothusi!
2021 Motsheanong 4, Labobedi
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.2021 Motsheanong 3, Mmantaha
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2021 Motsheanong 2, Sontaha
Ha ke ne ke sa kgutsitse,ke ne ke opelwa ke masapo
ke ho dumaela letsatsi lohle.
2021 Motsheanong 1, Moqebelo
Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...