DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Mmese 2021

2021 Mmese 30, Labohlane

Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.

2021 Mmese 29, Labone

Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.

2021 Mmese 28, Laboraru

Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”

2021 Mmese 27, Labobedi

Modimo hase motho
hoo a ka buang leshano,
hase mora wa motho
hoo a ka inyatsang.
Na seo a se bolelang
a ke ke a se etsa?
Na seo a se buileng
a ke ke a se phetha?

2021 Mmese 26, Mmantaha

Morena, ke o boka
ka pelo ya ka yohle,
ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.

2021 Mmese 25, Sontaha

Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.

2021 Mmese 24, Moqebelo

Ke ka baka leo re leng sebete ho re:
“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”

2021 Mmese 23, Labohlane

Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang.

2021 Mmese 22, Labone

Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.

2021 Mmese 21, Laboraru

Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.

2021 Mmese 20, Labobedi

Tsohle jwale di utlwahetse,
mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho.

2021 Mmese 19, Mmantaha

Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.

2021 Mmese 18, Sontaha

Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.

2021 Mmese 17, Moqebelo

Morena o na le kutlwelobohloko,
Morena o mosa;
o dieha ho halefa, o tletse mohau.

2021 Mmese 16, Labohlane

Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.

2021 Mmese 15, Labone

Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”

2021 Mmese 14, Laboraru

Polelo tsa ya lokileng
ke silefera e hlwekisitsweng,
pelo ya ya kgopo ha e na thuso.

2021 Mmese 13, Labobedi

Ya Matla wohle
re ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae.

2021 Mmese 12, Mmantaha

Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.

2021 Mmese 11, Sontaha

Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle.

2021 Mmese 10, Moqebelo

Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.

2021 Mmese 9, Labohlane

Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.

2021 Mmese 8, Labone

Ho tshaba batho
ke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.

2021 Mmese 7, Laboraru

Tsoha, phatsima,
hobane sedi la hao le tlile,
tlotla ya Morena
e phatsima hodima hao.

2021 Mmese 6, Labobedi

Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.

2021 Mmese 5, Mmantaha

Modimo, ako bontshe
hore o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.

2021 Mmese 4, Sontaha

Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng. Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.”

2021 Mmese 3, Moqebelo

Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.

2021 Mmese 2, Labohlane

Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

2021 Mmese 1, Labone

Ako re thuse, Modimo,
wena mopholosi wa rona,
bitso la hao le tle le tlotliswe;
ako re namolele,
mme o re tshwarele dibe
ka baka la lebitso la hao.