2021 Hlakubele 31, Laboraru
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?2021 Hlakubele 30, Labobedi
Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.2021 Hlakubele 29, Mmantaha
Tlotla Morena ka maruo a hao,le ka lopotsiya tsohle
tsa dijalo tsa hao.
2021 Hlakubele 28, Sontaha
Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.2021 Hlakubele 27, Moqebelo
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.2021 Hlakubele 26, Labohlane
Ke ipiletsa ho wena Morena,ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.
2021 Hlakubele 25, Labone
Borui, le bohlale,le tsebo ya Modimo
di kaakang!
Dikahlolo tsa hae
di ka hlaloswa jwang!
Ditsela tsa hae
di ka utlwisiswa jwang!
2021 Hlakubele 24, Laboraru
Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.2021 Hlakubele 23, Labobedi
Leleme le ka phedisa,hape le ka bolaya,
ba ratang ho hehla
ba tla kotula tholwana tsa hona.
2021 Hlakubele 22, Mmantaha
Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.2021 Hlakubele 21, Sontaha
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.2021 Hlakubele 20, Moqebelo
Qaleho ya bohlaleke ho tshaba Morena,
bohle ba sedi ba phela jwalo.
O lokelwa ke thoriso kamehla.
2021 Hlakubele 19, Labohlane
Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.2021 Hlakubele 18, Labone
“Na motho a ka ipatadikgotjheletsaneng,
a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
ho rialo Morena.
“Na ha ke fumanwe
lehodimong le lefatsheng?”
ho rialo Morena.
2021 Hlakubele 17, Laboraru
Thusa, Morena! Oho, Modimo,itokisetse ho otla;
o se ke wa lebala bahlophehi.
2021 Hlakubele 16, Labobedi
Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.2021 Hlakubele 15, Mmantaha
Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.2021 Hlakubele 14, Sontaha
Melao ya Morena e lokile,e hlatswa pelo;
taelo ya Morena e hlakile,
e edisa mahlo.
2021 Hlakubele 13, Moqebelo
Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.2021 Hlakubele 12, Labohlane
Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.2021 Hlakubele 11, Labone
Wena Morena,o busa kamehla yohle,
terone ya hao
e hlomamiseditswe meloko yohle.
2021 Hlakubele 10, Laboraru
Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?2021 Hlakubele 9, Labobedi
Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.2021 Hlakubele 8, Mmantaha
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.
2021 Hlakubele 7, Sontaha
Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.2021 Hlakubele 6, Moqebelo
Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.2021 Hlakubele 5, Labohlane
A ke ke a tlohela leoto la hao,a le tlohella ho thella,
molebedi wa hao a ke ke a otsela.
2021 Hlakubele 4, Labone
Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.2021 Hlakubele 3, Laboraru
Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.2021 Hlakubele 2, Labobedi
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.
2021 Hlakubele 1, Mmantaha
Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...