2023 Tshitwe 31, Sontaha
Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.2023 Tshitwe 30, Moqebelo
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.2023 Tshitwe 29, Labohlane
Empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
2023 Tshitwe 28, Labone
Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.2023 Tshitwe 27, Laboraru
Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.2023 Tshitwe 26, Labobedi
Morena, ke wena lebone la ka,Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.
2023 Tshitwe 25, Mmantaha
Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.2023 Tshitwe 24, Sontaha
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.2023 Tshitwe 23, Moqebelo
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2023 Tshitwe 22, Labohlane
Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.2023 Tshitwe 21, Labone
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.2023 Tshitwe 20, Laboraru
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.
2023 Tshitwe 19, Labobedi
Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.2023 Tshitwe 18, Mmantaha
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.2023 Tshitwe 17, Sontaha
Dintho tsohledi beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng.
2023 Tshitwe 16, Moqebelo
Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.2023 Tshitwe 15, Labohlane
Tsena tsohle di tswa ho Modimo, ya ileng a re boelanya le yena ka Kreste, a ba a re nea mosebetsi wa ho boelanya batho ba bang le yena.2023 Tshitwe 14, Labone
Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.
2023 Tshitwe 13, Laboraru
Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.2023 Tshitwe 12, Labobedi
Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.2023 Tshitwe 11, Mmantaha
Matlotlo a baruike qhobosheane ya bona,
ba hloma e ka ke marako
a phahameng, a ba sireletsang.
2023 Tshitwe 10, Sontaha
Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.2023 Tshitwe 9, Moqebelo
Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.2023 Tshitwe 8, Labohlane
Mahlong a hao dilemo tse seketedi ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.
2023 Tshitwe 7, Labone
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.2023 Tshitwe 6, Laboraru
Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.2023 Tshitwe 5, Labobedi
Bea mesebetsi ya haoatleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala.
2023 Tshitwe 4, Mmantaha
Ke ka baka leo re leng sebete ho re:“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”
2023 Tshitwe 3, Sontaha
Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.2023 Tshitwe 2, Moqebelo
Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,ha ke se ke ithutile
dikahlolo tsa hao tse lokileng.
2023 Tshitwe 1, Labohlane
Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...