DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phesekgong 2024)

2024 Phesekgong 31, Laboraru

Jwalokaha kgama
e labalabela metsi a melatswana,
le wona moya wa ka
o o labalabela jwalo,
o labalabela wena Modimo.

2024 Phesekgong 30, Labobedi

Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.

2024 Phesekgong 29, Mmantaha

Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.

2024 Phesekgong 28, Sontaha

Ruta ngwana tsela ya ho phela,
ha a hodile a ke ke be a fapoha.

2024 Phesekgong 27, Moqebelo

Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.

2024 Phesekgong 26, Labohlane

‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’

2024 Phesekgong 25, Labone

Morena o moholo,
o lokelwa ke thoriso e kgolo,
boholo ba hae ha bo fihlelwe.

2024 Phesekgong 24, Laboraru

Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.

2024 Phesekgong 23, Labobedi

Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.

2024 Phesekgong 22, Mmantaha

Ha e le nna
ke tla o nyehella ka sehlabelo,
ke ntse ke o binela ka teboho,
ke phetha le tsona dikano tsa ka.
Pholoho e tswa ho Morena!

2024 Phesekgong 21, Sontaha

Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.

2024 Phesekgong 20, Moqebelo

Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.

2024 Phesekgong 19, Labohlane

A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.

2024 Phesekgong 18, Labone

Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.

2024 Phesekgong 17, Laboraru

Ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa.

2024 Phesekgong 16, Labobedi

Ya thahasellang ho loka le lerato
o tla fumana bophelo
le toka le tlotla.

2024 Phesekgong 15, Mmantaha

Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

2024 Phesekgong 13, Moqebelo

Kahoo re rute
ho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe.

2024 Phesekgong 12, Labohlane

Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.

2024 Phesekgong 11, Labone

Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.

2024 Phesekgong 10, Laboraru

Morena a le hlohonolofatse,
a le baballe.
Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso.

2024 Phesekgong 9, Labobedi

Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!

2024 Phesekgong 8, Mmantaha

Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.

2024 Phesekgong 7, Sontaha

Morena e ke e be qhobosheane
ya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho.

2024 Phesekgong 6, Moqebelo

Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.

2024 Phesekgong 5, Labohlane

Jwalokaha tsela ya moya
o sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle.

2024 Phesekgong 4, Labone

Ya ithibang ditsebe
hore a se utlwe molao,
thapelo tsa hae
le tsona ke manyala.

2024 Phesekgong 3, Laboraru

Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.

2024 Phesekgong 2, Labobedi

Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.

2024 Phesekgong 1, Mmantaha

Ntsamaise nneteng ya hao,
o nthute yona,
hobane wena o Modimo
ya mpholosang;
ke o lebeletse ka matsatsi wohle,
ka baka la molemo wa hao Morena.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela