DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Hlakola 2024)

2024 Hlakola 29, Labone

Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!

2024 Hlakola 28, Laboraru

Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.

2024 Hlakola 27, Labobedi

“Tloong re lokise ditaba,”
ho rialo Morena.
“Leha dibe tsa lona
di ka ba kgubedu,
di tla sweufala jwaloka lehlwa;
leha di ka ba kgubedu tlere!
di tla sweufala jwaloka boya.”

2024 Hlakola 26, Mmantaha

Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.

2024 Hlakola 25, Sontaha

Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.

2024 Hlakola 24, Moqebelo

Ke ikgethetse tsela ya nnete,
dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.

2024 Hlakola 23, Labohlane

Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

2024 Hlakola 22, Labone

Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.

2024 Hlakola 21, Laboraru

Ya mamelang ha a kgalengwa
o tseleng ya bophelo,
empa ya sa mameleng,
yena o a kgeloha.

2024 Hlakola 20, Labobedi

Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.

2024 Hlakola 19, Mmantaha

Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.

2024 Hlakola 18, Sontaha

Ho molemo ho tshabela ho Morena,
ho ena le ho tshepa motho.

2024 Hlakola 17, Moqebelo

Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.

2024 Hlakola 16, Labohlane

Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”

2024 Hlakola 15, Labone

Jwalokaha lehodimo
le phahametse lefatshe,
tsela tsa ka le tsona
di phahametse tsa lona,
le mehopolo ya ka
e phahametse ya lona.

2024 Hlakola 14, Laboraru

Ya ratang wa habo ha a mo etse hampe; kahoo ho ba le lerato ke ho phetha Molao ka ho tlala.

2024 Hlakola 13, Labobedi

O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.

2024 Hlakola 12, Mmantaha

Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle.

2024 Hlakola 11, Sontaha

Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.

2024 Hlakola 10, Moqebelo

Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.

2024 Hlakola 9, Labohlane

Tsoha, phatsima,
hobane sedi la hao le tlile,
tlotla ya Morena
e phatsima hodima hao.

2024 Hlakola 8, Labone

Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

2024 Hlakola 7, Laboraru

Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.

2024 Hlakola 6, Labobedi

Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.

2024 Hlakola 5, Mmantaha

Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.

2024 Hlakola 4, Sontaha

Morena o ile a re laela hore re phethe melao ena yohle, re tshabe Morena Modimo wa rona, e le hore re tle re atlehe kamehla, re phele jwalokaha re phela kajeno.

2024 Hlakola 3, Moqebelo

Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,
empa ya bohlale yena o a e bipa.

2024 Hlakola 2, Labohlane

Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.

2024 Hlakola 1, Labone

Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela