2026 Hlakola 20, Labohlane
Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.2026 Hlakola 19, Labone
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.2026 Hlakola 18, Laboraru
Mokgwa wa ho itima dijooo ke o kgethileng ke ona:
Ke hore o lokolle
mahlaahlela a bokgopo,
o imolle ba imetsweng
ke mejaro ya bona,
ba hateletsweng o ba lokolle,
mesebetsi yohle ya botlatlapi
o e fedise.
2026 Hlakola 17, Labobedi
Ho lehlohonoloya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso.
2026 Hlakola 16, Mmantaha
Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.2026 Hlakola 15, Sontaha
Ya bobedi e tshwanang le yona e re: ‘Rata wa heno jwalokaha o ithata.’2026 Hlakola 14, Moqebelo
Ke rata Morena,hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.
2026 Hlakola 13, Labohlane
A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’ ”2026 Hlakola 12, Labone
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.2026 Hlakola 11, Laboraru
Kgalefo ya Modimoe ke ke ya fediswa,
ya fediswa ke maruo a motho,
empa ho loka
ho lopolla motho lefung.
2026 Hlakola 10, Labobedi
Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.2026 Hlakola 9, Mmantaha
Batlang tse molemoe seng tse kgopo,
e le hore le tle le phele;
ke moo Morena
Modimo wa mabotho,
a tla ba le lona jwalokaha le bolela.
2026 Hlakola 8, Sontaha
Morena o lopolla bopheloba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.
2026 Hlakola 7, Moqebelo
Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.”2026 Hlakola 6, Labohlane
Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.2026 Hlakola 5, Labone
O tla utlwisisa ho loka,ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng.
2026 Hlakola 4, Laboraru
Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”2026 Hlakola 3, Labobedi
Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”2026 Hlakola 2, Mmantaha
Dithaba di eso be teng,le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.
2026 Hlakola 1, Sontaha
Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ho lehlohonolo mothoya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.Temana ya go latela!