2026 Hlakubele 31, Labobedi
Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.2026 Hlakubele 30, Mmantaha
Empa wena Morena, o Modimoo na le kutlwelobohloko le mosa,
o dieha ho halefa,
o tletse mohau le botshepehi.
2026 Hlakubele 29, Sontaha
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:“Hosanna ho Mora wa Davida!
Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena!
Hosanna mahodimong
a hodimodimo!”
2026 Hlakubele 28, Moqebelo
Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.2026 Hlakubele 27, Labohlane
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.2026 Hlakubele 26, Labone
Motho ya kgopoo amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete.
2026 Hlakubele 25, Laboraru
Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng.”2026 Hlakubele 24, Labobedi
Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.2026 Hlakubele 23, Mmantaha
Batlang Morena le matla a hae;le nne le batle fahleho sa hae,
le se batle kamehla le mehla.
2026 Hlakubele 22, Sontaha
Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.2026 Hlakubele 21, Moqebelo
Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.
2026 Hlakubele 20, Labohlane
Sejosenyane se molemoha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi.
2026 Hlakubele 19, Labone
Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.2026 Hlakubele 18, Laboraru
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.2026 Hlakubele 17, Labobedi
Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.
2026 Hlakubele 16, Mmantaha
Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.2026 Hlakubele 15, Sontaha
Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.2026 Hlakubele 14, Moqebelo
Ya Matla wohlere ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
2026 Hlakubele 13, Labohlane
Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo.2026 Hlakubele 12, Labone
Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.2026 Hlakubele 11, Laboraru
Ho bokwe Morenaka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona.
2026 Hlakubele 10, Labobedi
Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.2026 Hlakubele 9, Mmantaha
Ba babedi ba feta ya mong,moputso wa bona o a hlamatseha.
2026 Hlakubele 8, Sontaha
Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2026 Hlakubele 7, Moqebelo
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.2026 Hlakubele 6, Labohlane
Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.2026 Hlakubele 5, Labone
Ke wena Morena,ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe.
2026 Hlakubele 4, Laboraru
O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?2026 Hlakubele 3, Labobedi
Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.2026 Hlakubele 2, Mmantaha
O tla boela o re utlwela bohloko,makgopo a rona o a hatakella fatshe,
dibe tsa rona
o di lahlela botebong ba lewatle.
2026 Hlakubele 1, Sontaha
Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...