DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phesekgong 2026

2026 Phesekgong 20, Labobedi

Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.

2026 Phesekgong 19, Mmantaha

Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

2026 Phesekgong 18, Sontaha

Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:
“Ntata rona ya mahodimong,
lebitso la hao le halaletswe;
Mmuso wa hao o tle;
thato ya hao e etswe lefatsheng
jwaloka lehodimong.”

2026 Phesekgong 17, Moqebelo

Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka.

2026 Phesekgong 16, Labohlane

Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!

2026 Phesekgong 15, Labone

Ho lehlohonolo motho
ya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi.

2026 Phesekgong 14, Laboraru

Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.

2026 Phesekgong 13, Labobedi

Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.

2026 Phesekgong 12, Mmantaha

Mora ka, haeba o le bohlale,
le nna ke tla thaba.

2026 Phesekgong 11, Sontaha

Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.

2026 Phesekgong 10, Moqebelo

Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.

2026 Phesekgong 9, Labohlane

Modimo, ke wena Modimo wa ka,
Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.

2026 Phesekgong 8, Labone

Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.

2026 Phesekgong 7, Laboraru

E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.

2026 Phesekgong 6, Labobedi

Mpho e betlela mofani tsela,
e mmee kapele ho mahosi a hae.

2026 Phesekgong 5, Mmantaha

Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.

2026 Phesekgong 4, Sontaha

Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?

2026 Phesekgong 3, Moqebelo

Ke tla phela ka bolokolohi,
hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.

2026 Phesekgong 2, Labohlane

Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.

2026 Phesekgong 1, Labone

Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.