2025 Tshitwe 31, Laboraru
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
2025 Tshitwe 30, Labobedi
Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.2025 Tshitwe 29, Mmantaha
Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.2025 Tshitwe 28, Sontaha
O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.
2025 Tshitwe 27, Moqebelo
Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”2025 Tshitwe 26, Labohlane
Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.2025 Tshitwe 25, Labone
Rona re tswaletswe Ngwana,rona re filwe Mora,
puso e tla ba mahetleng a hae,
o tla bitswa
Radimakatso le Moeletsi,
Modimo ya matla, Rabosafeleng,
Kgosana ya Kgotso.
2025 Tshitwe 24, Laboraru
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.”2025 Tshitwe 23, Labobedi
Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo. Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.”2025 Tshitwe 22, Mmantaha
E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.2025 Tshitwe 21, Sontaha
Morena o molemo, o lokile;kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
2025 Tshitwe 20, Moqebelo
Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.2025 Tshitwe 19, Labohlane
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.2025 Tshitwe 18, Labone
Hobane mahlo a Morenaa tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe.
2025 Tshitwe 17, Laboraru
Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.2025 Tshitwe 16, Labobedi
Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.2025 Tshitwe 15, Mmantaha
Morena o beile leihlo la haeho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae.
2025 Tshitwe 14, Sontaha
Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.2025 Tshitwe 13, Moqebelo
Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.2025 Tshitwe 12, Labohlane
Binelang Morena,hobane o entse tse tlotlehang,
tsena le di tsebise lefatshe lohle.
2025 Tshitwe 11, Labone
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.2025 Tshitwe 10, Laboraru
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.2025 Tshitwe 9, Labobedi
Tshwara leleme la haole se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano.
2025 Tshitwe 8, Mmantaha
Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.2025 Tshitwe 7, Sontaha
Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.2025 Tshitwe 6, Moqebelo
Morena Modimo ke yenaya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
2025 Tshitwe 5, Labohlane
Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.2025 Tshitwe 4, Labone
Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?2025 Tshitwe 3, Laboraru
Mohlankana a ka hlwekisametsamao ya hae jwang?
Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
2025 Tshitwe 2, Labobedi
O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.2025 Tshitwe 1, Mmantaha
Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.