2013 Phata 31, Moqebelo
Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.2013 Phata 30, Labohlane
Ya mphumanang o fumana bophelo,Morena o tla mo rekolohela.
2013 Phata 29, Labone
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.2013 Phata 28, Laboraru
Se ke wa re:“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
Ho botsa potso ena
ke ho hloka bohlale.
2013 Phata 27, Labobedi
Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.2013 Phata 26, Mmantaha
O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.2013 Phata 25, Sontaha
A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”2013 Phata 24, Moqebelo
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.2013 Phata 23, Labohlane
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.2013 Phata 22, Labone
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.2013 Phata 21, Laboraru
Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.”2013 Phata 20, Labobedi
Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha,athe tsa sethoto tsona
di a se timetsa.
2013 Phata 19, Mmantaha
Ya ipatlelang bohlaleo rata bophelo ba hae,
ya nang le kelello,
katleho ke ya hae.
2013 Phata 18, Sontaha
Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.2013 Phata 17, Moqebelo
Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”2013 Phata 16, Labohlane
Morena Modimo wa ronaa ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.
2013 Phata 15, Labone
Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.2013 Phata 14, Laboraru
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.2013 Phata 13, Labobedi
Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.2013 Phata 12, Mmantaha
Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.2013 Phata 11, Sontaha
Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.2013 Phata 10, Moqebelo
Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.2013 Phata 9, Labohlane
Ya Matla wohlere ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
2013 Phata 8, Labone
Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.2013 Phata 7, Laboraru
Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.2013 Phata 6, Labobedi
Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.2013 Phata 5, Mmantaha
Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo.2013 Phata 4, Sontaha
Morena, o tseba tsohletseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena.
2013 Phata 3, Moqebelo
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
2013 Phata 2, Labohlane
Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe.2013 Phata 1, Labone
Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...