2013 Phupu 31, Laboraru
Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.2013 Phupu 30, Labobedi
Morena, mpontshe ditsela tsa hao,o nthute mehlala ya hao.
2013 Phupu 29, Mmantaha
Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.2013 Phupu 28, Sontaha
Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.2013 Phupu 27, Moqebelo
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
2013 Phupu 26, Labohlane
Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.2013 Phupu 25, Labone
Empa ba tshepileng Morenaba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.
2013 Phupu 24, Laboraru
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.2013 Phupu 23, Labobedi
Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.2013 Phupu 22, Mmantaha
Ntata ya lokilengo nyakalla haholo;
ya nang le mora ya bohlale
o itumela ka yena.
2013 Phupu 21, Sontaha
Binelang Modimo,rokang lebitso la hae,
lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
Lebitso la hae ke Morena,
nyakallang mahlong a hae.
Modimo ke ntata dikgutsana,
ke mosireletsi wa bahlolohadi,
o leahong la hae le halalelang.
2013 Phupu 20, Moqebelo
Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.2013 Phupu 19, Labohlane
“Na motho a ka ipatadikgotjheletsaneng,
a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
ho rialo Morena.
“Na ha ke fumanwe
lehodimong le lefatsheng?”
ho rialo Morena.
2013 Phupu 18, Labone
Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.2013 Phupu 17, Laboraru
Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.2013 Phupu 16, Labobedi
Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2013 Phupu 15, Mmantaha
Kgaotsang, le tsebehore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe.
2013 Phupu 14, Sontaha
Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.2013 Phupu 13, Moqebelo
Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?2013 Phupu 12, Labohlane
Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.2013 Phupu 11, Labone
O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.2013 Phupu 10, Laboraru
Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.2013 Phupu 9, Labobedi
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!2013 Phupu 8, Mmantaha
Ntlhahlobe, Modimo,o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.
2013 Phupu 7, Sontaha
Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.2013 Phupu 6, Moqebelo
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.2013 Phupu 5, Labohlane
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.2013 Phupu 4, Labone
Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.2013 Phupu 3, Laboraru
Ke wena ya bopilengbokahare ba ka,
ya kopantseng ditho tsa ka
ke sa le popelong ya mme.
Ke a o boka,
hobane o mpopile
ka mokgwa o makatsang;
mesebetsi ya hao e a hlolla,
hona ke ho tseba hantle.
2013 Phupu 2, Labobedi
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.2013 Phupu 1, Mmantaha
Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...