2013 Phupjane 30, Sontaha
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?
2013 Phupjane 29, Moqebelo
Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.
2013 Phupjane 28, Labohlane
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.2013 Phupjane 27, Labone
Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.2013 Phupjane 26, Laboraru
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.2013 Phupjane 25, Labobedi
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.2013 Phupjane 24, Mmantaha
Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.2013 Phupjane 23, Sontaha
Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.2013 Phupjane 22, Moqebelo
Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”2013 Phupjane 21, Labohlane
A ke a o fese ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.
2013 Phupjane 20, Labone
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.2013 Phupjane 19, Laboraru
Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.2013 Phupjane 18, Labobedi
Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.2013 Phupjane 17, Mmantaha
Empa mohau wa Morena,ho ba mo tshabang,
ke wa kamehla yohle,
e se nang qaleho le qetello;
le ho loka ha hae ho fihla
le ditlohotloholwaneng tsa bona,
ho ba bolokang selekane sa hae,
ba hopolang
ho phethahatsa ditaelo tsa hae.
2013 Phupjane 16, Sontaha
Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.2013 Phupjane 15, Moqebelo
E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.2013 Phupjane 14, Labohlane
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.2013 Phupjane 13, Labone
Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.2013 Phupjane 12, Laboraru
Jwalokaha tsela ya moyao sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle.
2013 Phupjane 11, Labobedi
Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.2013 Phupjane 10, Mmantaha
Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.2013 Phupjane 9, Sontaha
Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.
2013 Phupjane 8, Moqebelo
Morena Modimo wa hao,o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete.
2013 Phupjane 7, Labohlane
Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.2013 Phupjane 6, Labone
Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.2013 Phupjane 5, Laboraru
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.2013 Phupjane 4, Labobedi
Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele.2013 Phupjane 3, Mmantaha
Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.2013 Phupjane 2, Sontaha
Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.2013 Phupjane 1, Moqebelo
Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya tla lahlehlwa ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo pholosa.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...