2013 Leotshe 30, Mmantaha
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.2013 Leotshe 29, Sontaha
Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.
2013 Leotshe 28, Moqebelo
Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.
2013 Leotshe 27, Labohlane
Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.2013 Leotshe 26, Labone
Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.2013 Leotshe 25, Laboraru
Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.2013 Leotshe 24, Labobedi
Ya nang le mamelloo molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.
2013 Leotshe 23, Mmantaha
Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.2013 Leotshe 22, Sontaha
Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: ‘Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.’2013 Leotshe 21, Moqebelo
Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.2013 Leotshe 20, Labohlane
Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.2013 Leotshe 19, Labone
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.2013 Leotshe 18, Laboraru
Ya buang haholosebe se teng polelong tsa hae,
ya sa buabueng
yena ke motho ya bohlale.
2013 Leotshe 17, Labobedi
Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi.2013 Leotshe 16, Mmantaha
Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.2013 Leotshe 15, Sontaha
Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.2013 Leotshe 14, Moqebelo
Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.2013 Leotshe 13, Labohlane
Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.2013 Leotshe 12, Labone
Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo.2013 Leotshe 11, Laboraru
Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.2013 Leotshe 10, Labobedi
Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.2013 Leotshe 9, Mmantaha
A matle hakaakang maotoa ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!”
2013 Leotshe 8, Sontaha
Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
2013 Leotshe 7, Moqebelo
Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.2013 Leotshe 6, Labohlane
Ha o tshela hara madibake tla ba le wena;
ha o tshela dinoka
ha di ka ke tsa o nka.
Ha o tsamaya hara mollo
ha o ka ke wa tjha,
malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
2013 Leotshe 5, Labone
Ya ratang ho phela,le ho bona matsatsi a thabo,
a tshware leleme la hae
ho bua tse mpe,
le molomo wa hae
ho bua thetso.
A furalle bobe, a etse botle,
a batle kgotso, a e pheelle.
2013 Leotshe 4, Laboraru
O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.
2013 Leotshe 3, Labobedi
Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
2013 Leotshe 2, Mmantaha
Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.2013 Leotshe 1, Sontaha
Wena Morena,o busa kamehla yohle,
terone ya hao
e hlomamiseditswe meloko yohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...