2013 Mphalane 31, Labone
Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.2013 Mphalane 30, Laboraru
Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.2013 Mphalane 29, Labobedi
Motho ya hlolwangho bipa kgalefo ya hae
o tshwana le motse
o marako a heleditsweng.
2013 Mphalane 28, Mmantaha
Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.2013 Mphalane 27, Sontaha
Na ha le tsebe,kapa ha le eso utlwe?
Morena ke Modimo
wa kamehla yohle,
ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
A ke ke a kgathala kapa a tepella,
mehopolo ya hae
e ke ke be ya fihlelwa.
2013 Mphalane 26, Moqebelo
Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.2013 Mphalane 25, Labohlane
Bonang, ho hotle,ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso!
2013 Mphalane 24, Labone
Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.2013 Mphalane 23, Laboraru
Kahoo re ruteho bala ditshiu tsa rona,
pelo tsa rona di tle di hlalefe.
2013 Mphalane 22, Labobedi
Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.2013 Mphalane 21, Mmantaha
Boikakaso ba motho bo a mo diha,empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.
2013 Mphalane 20, Sontaha
Moya wa Morena Modimoo hodima ka,
hobane o ntlotseditse
ho bolella mafutsana,
molaetsa o molemo.
O nthometse ho thoba pelo
tsa ba swabileng,
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le hore ba tjhankaneng
ba tla lokollwa.
2013 Mphalane 19, Moqebelo
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.2013 Mphalane 18, Labohlane
Jwang bo a pona,palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.
2013 Mphalane 17, Labone
Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.2013 Mphalane 16, Laboraru
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.2013 Mphalane 15, Labobedi
Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae.2013 Mphalane 14, Mmantaha
Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”2013 Mphalane 13, Sontaha
Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”2013 Mphalane 12, Moqebelo
Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.2013 Mphalane 11, Labohlane
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.2013 Mphalane 10, Labone
Ke re ho Morena:“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
2013 Mphalane 9, Laboraru
Ya patang lehloyo ke mothetsi,ya sebang ba bang, yena ke sethoto.
2013 Mphalane 8, Labobedi
Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.2013 Mphalane 7, Mmantaha
Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.2013 Mphalane 6, Sontaha
Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.”2013 Mphalane 5, Moqebelo
Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.2013 Mphalane 4, Labohlane
Athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.2013 Mphalane 3, Labone
Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.2013 Mphalane 2, Laboraru
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.2013 Mphalane 1, Labobedi
Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...