DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phesekgong 2021)

2021 Phesekgong 31, Sontaha

Se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.

2021 Phesekgong 30, Moqebelo

Ke a tseba:
Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele.

2021 Phesekgong 29, Labohlane

Jesu ke yena eo e leng
“ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi,
le fetohileng lejwe la mantlha.’ ”

2021 Phesekgong 28, Labone

Tshepa Morena, o etse botle,
o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.

2021 Phesekgong 27, Laboraru

Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe.

2021 Phesekgong 26, Labobedi

Baratuwa, haeba matswalo a rona a sa re qose, re ka tla ho Modimo ka sebete. Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.

2021 Phesekgong 25, Mmantaha

Tsela e teng e bonahalang
e lokile ho monga yona,
empa e qetella ka ho isa lefung.

2021 Phesekgong 24, Sontaha

Ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.

2021 Phesekgong 23, Moqebelo

Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.

2021 Phesekgong 22, Labohlane

Ke phahamisa matsoho a ka,
ke a phahamisetsa ho wena,
moya wa ka o o nyoretswe
jwaloka lefatshe le omeletseng.

2021 Phesekgong 21, Labone

Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.

2021 Phesekgong 20, Laboraru

Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?

2021 Phesekgong 19, Labobedi

Moya wa ka, o nyahametseng?
O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka.

2021 Phesekgong 18, Mmantaha

O matlafatsa ba tepeletseng,
ba kgathetseng
o ba tsosa molota.

2021 Phesekgong 17, Sontaha

Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.

2021 Phesekgong 16, Moqebelo

Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele.

2021 Phesekgong 15, Labohlane

Batlang tse molemo
e seng tse kgopo,
e le hore le tle le phele;
ke moo Morena
Modimo wa mabotho,
a tla ba le lona jwalokaha le bolela.

2021 Phesekgong 14, Labone

Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.

2021 Phesekgong 13, Laboraru

Jwalokaha botjhabela
bo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo.

2021 Phesekgong 12, Labobedi

Wena motho,
o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.

2021 Phesekgong 11, Mmantaha

Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”

2021 Phesekgong 10, Sontaha

Ya elang ditaelo hloko o a atleha,
ya tshepang Morena
o a hlohonolofala.

2021 Phesekgong 9, Moqebelo

Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo.

2021 Phesekgong 8, Labohlane

Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.

2021 Phesekgong 7, Labone

Morena, molemo wa hao
o mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena.

2021 Phesekgong 6, Laboraru

Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.

2021 Phesekgong 5, Labobedi

Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.

2021 Phesekgong 4, Mmantaha

Ke Modimo ofe
ya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.

2021 Phesekgong 3, Sontaha

Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.

2021 Phesekgong 2, Moqebelo

Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.

2021 Phesekgong 1, Labohlane

Tshepa Morena
ka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela