DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Tshitwe 2020)

2020 Tshitwe 31, Labone

Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.

2020 Tshitwe 30, Laboraru

Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”

2020 Tshitwe 29, Labobedi

Bea mesebetsi ya hao
atleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala.

2020 Tshitwe 28, Mmantaha

Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.

2020 Tshitwe 27, Sontaha

Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.

2020 Tshitwe 26, Moqebelo

Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
ke o roke hara merabe.

2020 Tshitwe 25, Labohlane

Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.

2020 Tshitwe 24, Labone

O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.

2020 Tshitwe 23, Laboraru

Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.

2020 Tshitwe 22, Labobedi

Ke bolokile tshepiso ya hao,
ka e boloka ka pelong ya ka,
hore ke se ke ka o sitelwa.

2020 Tshitwe 21, Mmantaha

Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.

2020 Tshitwe 20, Sontaha

Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.

2020 Tshitwe 19, Moqebelo

Morena a ke a matlafatse
setjhaba sa hae,
Morena a ke a se hlohonolofatse
ka kgotso.

2020 Tshitwe 18, Labohlane

Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!

2020 Tshitwe 17, Labone

Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.

2020 Tshitwe 16, Laboraru

Leha mmele wa ka
le pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.

2020 Tshitwe 15, Labobedi

Ke ne nka araba
ba sa reng letho ka nna;
ke ne nka fumanwa
ke ba sa kang ba mpatla.
Ho tjhaba se neng se sa nthapele
ka re:
‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’

2020 Tshitwe 14, Mmantaha

Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.

2020 Tshitwe 13, Sontaha

Dintho tsohle
di beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng.

2020 Tshitwe 12, Moqebelo

Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya ntjang o tla phela ka nna.

2020 Tshitwe 11, Labohlane

Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.

2020 Tshitwe 10, Labone

Makaqabetsing a ka
ka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.

2020 Tshitwe 9, Laboraru

Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.

2020 Tshitwe 8, Labobedi

Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.

2020 Tshitwe 7, Mmantaha

Mahlo a ka a tadima dithabeng;
ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Thuso ya ka e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.

2020 Tshitwe 6, Sontaha

Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.

2020 Tshitwe 5, Moqebelo

Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.

2020 Tshitwe 4, Labohlane

Ya ratang tjhelete
ha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.

2020 Tshitwe 3, Labone

Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.

2020 Tshitwe 2, Laboraru

Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.

2020 Tshitwe 1, Labobedi

Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,
ke o tsebe e sa le hoseng,
hobane ke o tshepile;
mpontshe tsela
eo nka tsamayang ka yona,
hobane ke o rapela
ka moya wa ka wohle.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela