2020 Pundungwane 30, Mmantaha
Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong.
2020 Pundungwane 29, Sontaha
Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.2020 Pundungwane 28, Moqebelo
Morena ke modisa wa ka,ha ke hloke letho.
o nkatla makgulong a matala,
o nkisa pela metsi
moo ke tla phomola teng.
2020 Pundungwane 27, Labohlane
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.2020 Pundungwane 26, Labone
Ha e le nnake tla o nyehella ka sehlabelo,
ke ntse ke o binela ka teboho,
ke phetha le tsona dikano tsa ka.
Pholoho e tswa ho Morena!
2020 Pundungwane 25, Laboraru
Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,empa ya bohlale yena o a e bipa.
2020 Pundungwane 24, Labobedi
Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa.2020 Pundungwane 23, Mmantaha
Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.2020 Pundungwane 22, Sontaha
Motsheare Morena o tla ntshitsa,a ntshitse ka mohau wa hae;
bosiu ke tla mminela,
ke rapele Modimo ya mphedisang.
2020 Pundungwane 21, Moqebelo
Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.2020 Pundungwane 20, Labohlane
Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.2020 Pundungwane 19, Labone
Ho lehlohonoloya tshwaretsweng tlolo ya hae,
eo sebe sa hae se hlakotsweng.
2020 Pundungwane 18, Laboraru
Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.”2020 Pundungwane 17, Labobedi
“Tloong re lokise ditaba,”ho rialo Morena.
“Leha dibe tsa lona
di ka ba kgubedu,
di tla sweufala jwaloka lehlwa;
leha di ka ba kgubedu tlere!
di tla sweufala jwaloka boya.”
2020 Pundungwane 16, Mmantaha
Haleluja!Ho lehlohonolo
ya tshabang Morena,
ya thabelang melao ya hae haholo.
2020 Pundungwane 15, Sontaha
Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.2020 Pundungwane 14, Moqebelo
Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!2020 Pundungwane 13, Labohlane
Boikakaso bo etella dihlong pele,boikokobetso bona
bo tsamaya le bohlale.
2020 Pundungwane 12, Labone
Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.2020 Pundungwane 11, Laboraru
Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.2020 Pundungwane 10, Labobedi
Bokang Morena,le rapele lebitso la hae,
le tumise diketso tsa hae,
le di tumise hara ditjhaba.
2020 Pundungwane 9, Mmantaha
Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.2020 Pundungwane 8, Sontaha
Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.2020 Pundungwane 7, Moqebelo
Molao wa Morena o phethehile,ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto.
2020 Pundungwane 6, Labohlane
Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”2020 Pundungwane 5, Labone
Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!2020 Pundungwane 4, Laboraru
Ke o rutile tsela tsa bohlale,ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
2020 Pundungwane 3, Labobedi
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.2020 Pundungwane 2, Mmantaha
Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.2020 Pundungwane 1, Sontaha
Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...