2020 Mphalane 31, Moqebelo
Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.2020 Mphalane 30, Labohlane
Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.2020 Mphalane 29, Labone
Morena e ke e be qhobosheaneya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho.
2020 Mphalane 28, Laboraru
Yena a araba, a re: “O tla rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, mme o rate le wa heno jwalokaha o ithata.”2020 Mphalane 27, Labobedi
Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.2020 Mphalane 26, Mmantaha
Mahlo a haoa tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
2020 Mphalane 25, Sontaha
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.2020 Mphalane 24, Moqebelo
Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?2020 Mphalane 23, Labohlane
Jwalokaha kgamae labalabela metsi a melatswana,
le wona moya wa ka
o o labalabela jwalo,
o labalabela wena Modimo.
2020 Mphalane 22, Labone
Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.2020 Mphalane 21, Laboraru
Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.2020 Mphalane 20, Labobedi
Mahlong a hao dilemo tse seketedi ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.
2020 Mphalane 19, Mmantaha
Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.2020 Mphalane 18, Sontaha
Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.2020 Mphalane 17, Moqebelo
Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha,athe tsa sethoto tsona
di a se timetsa.
2020 Mphalane 16, Labohlane
Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.2020 Mphalane 15, Labone
Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.2020 Mphalane 14, Laboraru
Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.O tseba ha ke dula le ha ke ema,
o hlalohanya mehopolo ya ka,
o e hlalohanya ke sa le hole.
2020 Mphalane 13, Labobedi
Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.2020 Mphalane 12, Mmantaha
Boloka ditaelo tsa Morena Modimo wa hao; o tsamaye ka ditsela tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditemoso tsa hae, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, e le hore o tle o atlehe dinthong tsohle tseo o di etsang, le hohle moo o yang teng.2020 Mphalane 11, Sontaha
Hoseng o utlwa sello sa ka;hoseng ke lokisa sehlabelo,
mme ke lebella karabelo ya hao.
2020 Mphalane 10, Moqebelo
Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang, hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.2020 Mphalane 9, Labohlane
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.2020 Mphalane 8, Labone
Lehloyo le fehla moferefere,athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle.
2020 Mphalane 7, Laboraru
Hoba ke nna Morena,Morena Modimo wa hao,
ya utlang tsoho la hao le letona,
ya reng: ‘Se tshabe,
nna ke tla o thusa.’
2020 Mphalane 6, Labobedi
Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: ‘Ke bakile,’ o mo tshwarele.2020 Mphalane 5, Mmantaha
Ho bokwe Morenaka matsatsi wohle,
yena ya re pepang,
yena Modimo, mopholosi wa rona.
2020 Mphalane 4, Sontaha
E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.2020 Mphalane 3, Moqebelo
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.2020 Mphalane 2, Labohlane
Meharo e hlabisa motho dihlong;ho molemo ho futsaneha
ho ena le ho bua leshano.
2020 Mphalane 1, Labone
Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...