2020 Leotshe 30, Laboraru
Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.2020 Leotshe 29, Labobedi
Mohlankana a ka hlwekisametsamao ya hae jwang?
Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
2020 Leotshe 28, Mmantaha
Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.2020 Leotshe 27, Sontaha
Morena a le hlohonolofatse,a le baballe.
Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso.
2020 Leotshe 26, Moqebelo
Tseba hore bohlale bo jwalomoyeng wa hao;
ha o ka bo fumana
o tla ba le katleho kamoso,
tshepo ya hao e ke ke ya fela.
2020 Leotshe 25, Labohlane
Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.2020 Leotshe 24, Labone
O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang, eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.2020 Leotshe 23, Laboraru
Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,
hobane re tshepile wena.
2020 Leotshe 22, Labobedi
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.2020 Leotshe 21, Mmantaha
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”2020 Leotshe 20, Sontaha
Ka pelong ya ka nna ke re:“Morena ke yena kabelo ya ka,
kahoo ke itshepetse yena feela.”
2020 Leotshe 19, Moqebelo
Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.2020 Leotshe 18, Labohlane
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.2020 Leotshe 17, Labone
Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso.
2020 Leotshe 16, Laboraru
Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.2020 Leotshe 15, Labobedi
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.2020 Leotshe 14, Mmantaha
Motho wa bathoha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae.
2020 Leotshe 13, Sontaha
Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.2020 Leotshe 12, Moqebelo
Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.2020 Leotshe 11, Labohlane
Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.
2020 Leotshe 10, Labone
Pelo tsa lona di ke di swabe,ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo.
2020 Leotshe 9, Laboraru
Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.2020 Leotshe 8, Labobedi
Se bue leshano ka molomo wa hao,puo tse thetsang
di se tswe ka hanong la hao.
2020 Leotshe 7, Mmantaha
Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.2020 Leotshe 6, Sontaha
Ho lehlohonoloba lapetseng ho loka,
ba ho nyoretsweng,
hobane ba tla kgotsofatswa.
2020 Leotshe 5, Moqebelo
Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
2020 Leotshe 4, Labohlane
Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.2020 Leotshe 3, Labone
Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.2020 Leotshe 2, Laboraru
Ho lehlohonoloba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona.
2020 Leotshe 1, Labobedi
Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.Temana ya go latela!