DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phata 2020)

2020 Phata 31, Mmantaha

Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.

2020 Phata 30, Sontaha

Leredi ke thetsane,
botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa.

2020 Phata 29, Moqebelo

O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen.

2020 Phata 28, Labohlane

Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.

2020 Phata 27, Labone

Ho lehlohonolo
ba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena.

2020 Phata 26, Laboraru

Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.

2020 Phata 25, Labobedi

Bokang Morena, hobane o molemo,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.

2020 Phata 24, Mmantaha

O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi.

2020 Phata 23, Sontaha

Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.

2020 Phata 22, Moqebelo

O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

2020 Phata 21, Labohlane

Empa wena Morena,
o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota.

2020 Phata 20, Labone

Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.

2020 Phata 19, Laboraru

Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.

2020 Phata 18, Labobedi

Ha e le nna,
ke tshepile mohau wa hao;
pelo ya ka e ke e nyakalle
hobane o mpholositse.

2020 Phata 17, Mmantaha

Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.

2020 Phata 16, Sontaha

Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.
Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.

2020 Phata 15, Moqebelo

Mora ka, haeba o le bohlale,
le nna ke tla thaba.

2020 Phata 14, Labohlane

Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.

2020 Phata 13, Labone

Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”

2020 Phata 12, Laboraru

Rolela morwalo wa hao ho Morena,
mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla.

2020 Phata 11, Labobedi

A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”

2020 Phata 10, Mmantaha

Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”

2020 Phata 9, Sontaha

Iphumanele bohlale,
iphumanele kutlwisiso,
se lebale polelo tsa ka,
o se di kgelohe.

2020 Phata 8, Moqebelo

Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.

2020 Phata 7, Labohlane

Leha fate sa feiye
se ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.

2020 Phata 6, Labone

Ke ile ka batla Morena,
mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.

2020 Phata 5, Laboraru

Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.

2020 Phata 4, Labobedi

Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.

2020 Phata 3, Mmantaha

Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;
ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.

2020 Phata 2, Sontaha

Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.

2020 Phata 1, Moqebelo

Mokgwa wa ho itima dijo
oo ke o kgethileng ke ona:
Ke hore o lokolle
mahlaahlela a bokgopo,
o imolle ba imetsweng
ke mejaro ya bona,
ba hateletsweng o ba lokolle,
mesebetsi yohle ya botlatlapi
o e fedise.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela