2022 Leotshe 30, Labohlane
Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.2022 Leotshe 29, Labone
O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.2022 Leotshe 28, Laboraru
Ho lehlohonolo mothoya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi.
2022 Leotshe 27, Labobedi
Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela.2022 Leotshe 26, Mmantaha
Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.2022 Leotshe 25, Sontaha
Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha.
2022 Leotshe 24, Moqebelo
Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.2022 Leotshe 23, Labohlane
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.2022 Leotshe 22, Labone
Ke tla phela ka bolokolohi,hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.
2022 Leotshe 21, Laboraru
Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:“Mpatleng, le tle le phele.”
2022 Leotshe 20, Labobedi
Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.2022 Leotshe 19, Mmantaha
Ya patang lehloyo ke mothetsi,ya sebang ba bang, yena ke sethoto.
2022 Leotshe 18, Sontaha
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?2022 Leotshe 17, Moqebelo
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
2022 Leotshe 16, Labohlane
Oho, Modimo, ako bope ka ho nna,o bope pelo e hlwekileng,
o kenye moya o motjha, o tiileng,
o o kenye ka sefubeng sa ka.
2022 Leotshe 15, Labone
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.2022 Leotshe 14, Laboraru
Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2022 Leotshe 13, Labobedi
Ho lehlohonoloba hlorisetswang ho loka,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona.
2022 Leotshe 12, Mmantaha
Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.2022 Leotshe 11, Sontaha
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.2022 Leotshe 10, Moqebelo
Modimo, o ile wa re hlahloba,wa re hlwekisa seboping
jwaloka silefera.
2022 Leotshe 9, Labohlane
Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”2022 Leotshe 8, Labone
Jwalokaha motho eoa tswetswe a le feela,
o tla ya lebitleng
a ntsa le feela.
Hara tsohle
tseo a di sebeditseng,
a ke ke a nka le e nngwe
ka letsoho la hae.
2022 Leotshe 7, Laboraru
Ke tshepile Morena,moya wa ka
o tshepile lentswe la hae.
2022 Leotshe 6, Labobedi
Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.2022 Leotshe 5, Mmantaha
Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.2022 Leotshe 4, Sontaha
Ngwana ya bohlaleo thabisa ntatae,
ngwana ya sethoto
ke masisapelo ho mmae.
2022 Leotshe 3, Moqebelo
E tla ba re etsa toka ha re ka hlokomela ho phetha melao ena yohle, kapele ho Morena Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse.2022 Leotshe 2, Labohlane
Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.2022 Leotshe 1, Labone
Morena, mpontshe ditsela tsa hao,o nthute mehlala ya hao.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...