2022 Mphalane 31, Mmantaha
Tlotla e be ho Modimomahodimong a hodimodimo,
kgotso e be lefatsheng
ho batho ba mo kgahlang!
2022 Mphalane 30, Sontaha
Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.2022 Mphalane 29, Moqebelo
Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.2022 Mphalane 28, Labohlane
Morena Modimo wa ronaa ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.
2022 Mphalane 27, Labone
Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.2022 Mphalane 26, Laboraru
Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.2022 Mphalane 25, Labobedi
Morena Modimo ke yenaya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
2022 Mphalane 24, Mmantaha
Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.2022 Mphalane 23, Sontaha
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.2022 Mphalane 22, Moqebelo
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.
2022 Mphalane 21, Labohlane
A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.2022 Mphalane 20, Labone
Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.2022 Mphalane 19, Laboraru
Hobane mahlo a Morenaa tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe.
2022 Mphalane 18, Labobedi
Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.2022 Mphalane 17, Mmantaha
Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.2022 Mphalane 16, Sontaha
Morena o beile leihlo la haeho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae.
2022 Mphalane 15, Moqebelo
Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.2022 Mphalane 14, Labohlane
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi.2022 Mphalane 13, Labone
Ho abela Morena mpho ka potlakoke leraba ho motho,
ebe hamorao o ipelaetsa
ka boitlamo ba hae.
2022 Mphalane 12, Laboraru
Hobane ho ngotswe, ho thwe:“Ke hlapanya ka nna,
ho rialo Morena,
mangwele wohle
a tla nkgumamela,
mme maleme wohle
a tla tlotlisa Modimo.”
2022 Mphalane 11, Labobedi
Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.2022 Mphalane 10, Mmantaha
Ako kgahlwe ke mantswea tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka.
2022 Mphalane 9, Sontaha
Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng.2022 Mphalane 8, Moqebelo
Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.2022 Mphalane 7, Labohlane
Ho loka ho atlehisa setjhaba,empa sebe ke sekgobo ho sona.
2022 Mphalane 6, Labone
Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.2022 Mphalane 5, Laboraru
Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”2022 Mphalane 4, Labobedi
Morena ke yenaya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.
2022 Mphalane 3, Mmantaha
Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.2022 Mphalane 2, Sontaha
Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.2022 Mphalane 1, Moqebelo
O re tshwarele ditshito tsa rona,jwalokaha le rona re tshwarela
ba re sitetsweng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...