2022 Phata 31, Laboraru
Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.2022 Phata 30, Labobedi
Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.2022 Phata 29, Mmantaha
Ho tshaba Morenake qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso.
2022 Phata 28, Sontaha
Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.2022 Phata 27, Moqebelo
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”2022 Phata 26, Labohlane
O nnea thebe ya hao e pholosang,letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.
2022 Phata 25, Labone
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.2022 Phata 24, Laboraru
Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.2022 Phata 23, Labobedi
Hlohonolo la Morenale entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang.
2022 Phata 22, Mmantaha
O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?2022 Phata 21, Sontaha
Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.2022 Phata 20, Moqebelo
Ako mpaballe Modimo,hobane ke tshabela ho wena.
2022 Phata 19, Labohlane
Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng.2022 Phata 18, Labone
Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.2022 Phata 17, Laboraru
Motho ya kgopoo amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete.
2022 Phata 16, Labobedi
Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.2022 Phata 15, Mmantaha
Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.2022 Phata 14, Sontaha
Ipee matsohong a Morena;o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.
2022 Phata 13, Moqebelo
Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.2022 Phata 12, Labohlane
Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.2022 Phata 11, Labone
Qamaka ka hlokomoo o hatang teng,
tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
2022 Phata 10, Laboraru
Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.2022 Phata 9, Labobedi
Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang.2022 Phata 8, Mmantaha
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?
2022 Phata 7, Sontaha
Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.2022 Phata 6, Moqebelo
Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato.2022 Phata 5, Labohlane
Sethoto se sitwa ho itshwaraha se halefa,
empa ya bohlale
o iphapanyetsa dikgopiso.
2022 Phata 4, Labone
Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.2022 Phata 3, Laboraru
Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.2022 Phata 2, Labobedi
Morena, ako utlwe thapelo ya ka,o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao.
2022 Phata 1, Mmantaha
Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O fodisa ba pelo di hlabehileng,o tlamella maqeba a bona.Temana ya go latela!