DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phupu 2022)

2022 Phupu 31, Sontaha

Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.

2022 Phupu 30, Moqebelo

Maruo a fumanweng ka bokgopo
ha a na thuso,
empa toka e lokolla motho lefung.

2022 Phupu 29, Labohlane

Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.

2022 Phupu 28, Labone

Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.

2022 Phupu 27, Laboraru

Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.

2022 Phupu 26, Labobedi

Mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.

2022 Phupu 25, Mmantaha

Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.

2022 Phupu 24, Sontaha

Motho o itherela tsela ya hae,
empa ke Morena ya mo tataisang.

2022 Phupu 23, Moqebelo

Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.

2022 Phupu 22, Labohlane

Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.

2022 Phupu 21, Labone

Ebe motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?

2022 Phupu 20, Laboraru

Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.

2022 Phupu 19, Labobedi

Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

2022 Phupu 18, Mmantaha

Lebitso la Morena ke qhobosheane,
ya lokileng o tshabela teng,
a sireletsehe.

2022 Phupu 17, Sontaha

Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.

2022 Phupu 16, Moqebelo

Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.

2022 Phupu 15, Labohlane

Efela lentswe la Morena le lokile,
mesebetsi yohle ya hae
ke ya nnete.

2022 Phupu 14, Labone

Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.

2022 Phupu 13, Laboraru

Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.

2022 Phupu 12, Labobedi

Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana.

2022 Phupu 11, Mmantaha

Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.

2022 Phupu 10, Sontaha

Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.

2022 Phupu 9, Moqebelo

O tla o kwahela ka masiba a hae,
o tshabele tlasa mapheo a hae.
Botshepehi ba hae
ke thebe le thejana.

2022 Phupu 8, Labohlane

Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?

2022 Phupu 7, Labone

Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.

2022 Phupu 6, Laboraru

Binelang Morena,
hobane o entse tse tlotlehang,
tsena le di tsebise lefatshe lohle.

2022 Phupu 5, Labobedi

Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.

2022 Phupu 4, Mmantaha

Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.

2022 Phupu 3, Sontaha

Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?

2022 Phupu 2, Moqebelo

Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.

2022 Phupu 1, Labohlane

Yena ke Lefika,
mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela