2022 Phupjane 30, Labone
Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
2022 Phupjane 29, Laboraru
Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?2022 Phupjane 28, Labobedi
Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.2022 Phupjane 27, Mmantaha
Ke tla ithoballa ka kgotso,ke kgalehe hanghang,
hobane Morena ke wena feela,
ke wena feela
ya ntshireletsang kahohle.
2022 Phupjane 26, Sontaha
Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.2022 Phupjane 25, Moqebelo
Bontshang ka diketso hore le bakile.2022 Phupjane 24, Labohlane
Jwalokaha mothoa ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.
2022 Phupjane 23, Labone
Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.2022 Phupjane 22, Laboraru
Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho.2022 Phupjane 21, Labobedi
O tla mpontsha tsela ya bophelo;thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.
2022 Phupjane 20, Mmantaha
Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.2022 Phupjane 19, Sontaha
Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.2022 Phupjane 18, Moqebelo
“Kgutla, wena Iseraelewa mokwenehi,”
ho rialo Morena.
“Ha nka ke ka hlola
ke o sosobanyetsa sefahleho,
hobane ke mohau,”
ho rialo Morena.
“Ha ke na ho o halefela
kamehla yohle.”
2022 Phupjane 17, Labohlane
Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.2022 Phupjane 16, Labone
Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.2022 Phupjane 15, Laboraru
Ke wena Morena,ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe.
2022 Phupjane 14, Labobedi
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.2022 Phupjane 13, Mmantaha
Empa jwalokaha ho ngotswe,“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”
2022 Phupjane 12, Sontaha
Ha ho ya halalelangjwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.
2022 Phupjane 11, Moqebelo
Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.2022 Phupjane 10, Labohlane
Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.2022 Phupjane 9, Labone
Nthute ho phetha thato ya hao,hobane ke wena Modimo wa ka.
Moya wa hao o motle
o ke o ntsamaise,
o ntsamaise tseleng e bataletseng.
2022 Phupjane 8, Laboraru
Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.2022 Phupjane 7, Labobedi
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.2022 Phupjane 6, Mmantaha
Diphiri di senolwa ke yena,tse mafifing le tsona o a di tseba,
leaho la lesedi le fumanwa ho yena.
2022 Phupjane 5, Sontaha
Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.2022 Phupjane 4, Moqebelo
Empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.2022 Phupjane 3, Labohlane
Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
2022 Phupjane 2, Labone
O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi.2022 Phupjane 1, Laboraru
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...