2022 Motsheanong 31, Labobedi
Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
2022 Motsheanong 30, Mmantaha
Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.2022 Motsheanong 29, Sontaha
Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.2022 Motsheanong 28, Moqebelo
Tloong,a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona.
2022 Motsheanong 27, Labohlane
Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.2022 Motsheanong 26, Labone
Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.2022 Motsheanong 25, Laboraru
O baballa ba lokilengtseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse.
2022 Motsheanong 24, Labobedi
Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.2022 Motsheanong 23, Mmantaha
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.2022 Motsheanong 22, Sontaha
Latswang, le utlwemolemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.
2022 Motsheanong 21, Moqebelo
Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.”2022 Motsheanong 20, Labohlane
Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.2022 Motsheanong 19, Labone
Suthisetsa bolotsana le mashanohole le nna,
o se ke wa nthuisa
kapa wa mphutsanehisa,
o mphepe ka dijo tse ntekaneng.
2022 Motsheanong 18, Laboraru
Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.2022 Motsheanong 17, Labobedi
E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.2022 Motsheanong 16, Mmantaha
Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.
2022 Motsheanong 15, Sontaha
Empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.2022 Motsheanong 14, Moqebelo
Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.2022 Motsheanong 13, Labohlane
“Mehopolo ya kahase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena.
2022 Motsheanong 12, Labone
O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.2022 Motsheanong 11, Laboraru
Morena o re laetse tjena:“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”
2022 Motsheanong 10, Labobedi
Morena o haufile bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.
2022 Motsheanong 9, Mmantaha
Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.2022 Motsheanong 8, Sontaha
Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.2022 Motsheanong 7, Moqebelo
Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.
2022 Motsheanong 6, Labohlane
Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.2022 Motsheanong 5, Labone
A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ”
2022 Motsheanong 4, Laboraru
Morena o tutubolla mahlo a difofu.Morena o phahamisa
ba kgokgopaneng;
Morena o rata ba lokileng.
2022 Motsheanong 3, Labobedi
A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.2022 Motsheanong 2, Mmantaha
Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2022 Motsheanong 1, Sontaha
Ya sebetsang ka thatake yena ya tla busa,
empa sekgoba sona
se tla fetoha lekgoba.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...