Empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.
Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.
Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.