DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phupjane 2023

2023 Phupjane 30, Labohlane

Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

2023 Phupjane 29, Labone

Oho, Morena, re o emetse,
re tsamaya tseleng
ya dikahlolo tsa hao;
lebitso la hao le botumo ba hao
ke tsona tseo re di labalabelang.

2023 Phupjane 28, Laboraru

Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.

2023 Phupjane 27, Labobedi

Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.

2023 Phupjane 26, Mmantaha

Morena, o se ke wa ntima
lerato la hao,
mohau wa hao le nnete ya hao
di nne di mpoloke ka mehla yohle.

2023 Phupjane 25, Sontaha

Bohle re wela diphosong hangata. Haeba e mong a sa fose ka dipuo tsa hae, eo ke motho ya phethehileng, ya tsebang ho itshwara bothong bohle ba hae.

2023 Phupjane 24, Moqebelo

Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.

2023 Phupjane 23, Labohlane

Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
yare ha ba kgotshe
ba qala ho ikgohomosa,
kahoo yaba ba se ba ntebala.

2023 Phupjane 22, Labone

Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.

2023 Phupjane 21, Laboraru

Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.

2023 Phupjane 20, Labobedi

Moya wa ka o phomola
ho Modimo feela,
hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.

2023 Phupjane 19, Mmantaha

Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.

2023 Phupjane 18, Sontaha

Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”

2023 Phupjane 17, Moqebelo

Meharo e hlabisa motho dihlong;
ho molemo ho futsaneha
ho ena le ho bua leshano.

2023 Phupjane 16, Labohlane

Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.

2023 Phupjane 15, Labone

Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.

2023 Phupjane 14, Laboraru

Ke o batla ka pelo ya ka yohle;
se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.

2023 Phupjane 13, Labobedi

Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.

2023 Phupjane 12, Mmantaha

Ya ratang tjhelete
ha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.

2023 Phupjane 11, Sontaha

Empa Modimo o tseba
metsamao ya ka;
ha a nteka ke tla tswa
ke hlwekile seka kgauta.
Mehato ya ka
e hodima mehato ya hae,
ke tsamaile tseleng ya hae,
ha ke a e kgeloha.

2023 Phupjane 10, Moqebelo

Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!

2023 Phupjane 9, Labohlane

Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.

2023 Phupjane 8, Labone

Molao wa Morena o phethehile,
ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto.

2023 Phupjane 7, Laboraru

Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.”

2023 Phupjane 6, Labobedi

Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.

2023 Phupjane 5, Mmantaha

Mahlo a ka a tadima dithabeng;
ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Thuso ya ka e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.

2023 Phupjane 4, Sontaha

Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa.

2023 Phupjane 3, Moqebelo

Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.

2023 Phupjane 2, Labohlane

Lehloyo le fehla moferefere,
athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle.

2023 Phupjane 1, Labone

Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.