2023 Phupu 31, Mmantaha
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.2023 Phupu 30, Sontaha
O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?2023 Phupu 29, Moqebelo
Ya tsamayang le bahlalefio a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala.
2023 Phupu 28, Labohlane
Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.2023 Phupu 27, Labone
Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.2023 Phupu 26, Laboraru
Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.
2023 Phupu 25, Labobedi
Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.2023 Phupu 24, Mmantaha
Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.2023 Phupu 23, Sontaha
Ho lehlohonoloya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso.
2023 Phupu 22, Moqebelo
Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo.2023 Phupu 21, Labohlane
Ba laolwang ke botho ba thahasella tsa botho, empa ba laolwang ke Moya ba thahasella tsa Moya.2023 Phupu 20, Labone
Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.
2023 Phupu 19, Laboraru
Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.2023 Phupu 18, Labobedi
Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.2023 Phupu 17, Mmantaha
O tla utlwisisa ho loka,ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng.
2023 Phupu 16, Sontaha
Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”2023 Phupu 15, Moqebelo
A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”2023 Phupu 14, Labohlane
Haleluja!Ho lehlohonolo
ya tshabang Morena,
ya thabelang melao ya hae haholo.
2023 Phupu 13, Labone
Batlang tse molemoe seng tse kgopo,
e le hore le tle le phele;
ke moo Morena
Modimo wa mabotho,
a tla ba le lona jwalokaha le bolela.
2023 Phupu 12, Laboraru
Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.2023 Phupu 11, Labobedi
Se kgahlwe ke mothoya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa.
2023 Phupu 10, Mmantaha
Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.2023 Phupu 9, Sontaha
Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.2023 Phupu 8, Moqebelo
Pholoho e tswa ho Morena.Tlhohonolofatso ya hao
e ke e be hodima setjhaba sa hao.
2023 Phupu 7, Labohlane
Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.2023 Phupu 6, Labone
Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.2023 Phupu 5, Laboraru
Boikakaso ba motho bo a mo diha,empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.
2023 Phupu 4, Labobedi
Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!2023 Phupu 3, Mmantaha
Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.2023 Phupu 2, Sontaha
Dithaba di eso be teng,le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.
2023 Phupu 1, Moqebelo
Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya diehang ho halefao na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto.Temana ya go latela!