2024 Phupjane 30, Sontaha
Sethoto ha se thabeleho ba le kutlwisiso,
se thabela
ho pepesa mehopolo ya sona.
2024 Phupjane 29, Moqebelo
Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.2024 Phupjane 28, Labohlane
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.2024 Phupjane 27, Labone
A ke ke a sisinngwa le ka mohla,ya lokileng o tla nne a hopolwe,
a hopolwe kamehla yohle.
2024 Phupjane 26, Laboraru
Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.2024 Phupjane 25, Labobedi
Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.2024 Phupjane 24, Mmantaha
Eba molomowa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng.
2024 Phupjane 23, Sontaha
Ya bobedi ke ena: ‘Rata mohaeno jwalokaha o ithata.’ Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.2024 Phupjane 22, Moqebelo
Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.2024 Phupjane 21, Labohlane
O setshabelo sa ka le thebe ya ka,ke tshepile lentswe la hao.
2024 Phupjane 20, Labone
Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.2024 Phupjane 19, Laboraru
Modimo hase mothohoo a ka buang leshano,
hase mora wa motho
hoo a ka inyatsang.
Na seo a se bolelang
a ke ke a se etsa?
Na seo a se buileng
a ke ke a se phetha?
2024 Phupjane 18, Labobedi
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.2024 Phupjane 17, Mmantaha
“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.”2024 Phupjane 16, Sontaha
Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.2024 Phupjane 15, Moqebelo
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.
2024 Phupjane 14, Labohlane
Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena, hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.2024 Phupjane 13, Labone
Modimo, ako bontshehore o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
2024 Phupjane 12, Laboraru
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.2024 Phupjane 11, Labobedi
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.2024 Phupjane 10, Mmantaha
Mora wa ka,mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao.
2024 Phupjane 9, Sontaha
“Hona jwale,” ho rialo Morena,“kgutlelang ho nna
ka pelo tsa lona tsohle,
ka ho itima dijo,
ka meokgo le ka dillo.”
2024 Phupjane 8, Moqebelo
Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”2024 Phupjane 7, Labohlane
Melao ya Morena e lokile,e hlatswa pelo;
taelo ya Morena e hlakile,
e edisa mahlo.
2024 Phupjane 6, Labone
Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.2024 Phupjane 5, Laboraru
Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.2024 Phupjane 4, Labobedi
Hoja le ka mamela kgalemo ya ka,pelo ya ka nkabe ke le bulela yona,
mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.
2024 Phupjane 3, Mmantaha
Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.2024 Phupjane 2, Sontaha
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.2024 Phupjane 1, Moqebelo
Ba se nang moneketsela,Modimo o ba fa bodulo,
o boela o busetsa
batshwaruwa boiketlong,
athe bahanyetsi
ba sala mahalaopeng.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,ke o tsebe e sa le hoseng,
hobane ke o tshepile;
mpontshe tsela
eo nka tsamayang ka yona,
hobane ke o rapela
ka moya wa ka wohle.Temana ya go latela!