2024 Motsheanong 31, Labohlane
Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.2024 Motsheanong 30, Labone
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.2024 Motsheanong 29, Laboraru
Ho etsa ho lokilengle ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.
2024 Motsheanong 28, Labobedi
Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.2024 Motsheanong 27, Mmantaha
Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.”2024 Motsheanong 26, Sontaha
Ditemoso tsa haoke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.
2024 Motsheanong 25, Moqebelo
Ha motho a heletsa tempele ya Modimo, Modimo o tla mo timetsa, hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.2024 Motsheanong 24, Labohlane
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.2024 Motsheanong 23, Labone
Motho o bona tsela tsohle tsa hae,o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo.
2024 Motsheanong 22, Laboraru
Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.2024 Motsheanong 21, Labobedi
Ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”2024 Motsheanong 20, Mmantaha
Empa nna Modimo o a nthusa,Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.
2024 Motsheanong 19, Sontaha
Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.2024 Motsheanong 18, Moqebelo
Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.2024 Motsheanong 17, Labohlane
Ke Modimo ofeya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.
2024 Motsheanong 16, Labone
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.2024 Motsheanong 15, Laboraru
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.2024 Motsheanong 14, Labobedi
Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
2024 Motsheanong 13, Mmantaha
Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.2024 Motsheanong 12, Sontaha
Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.2024 Motsheanong 11, Moqebelo
Letshepa la ba lokilengle hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela.
2024 Motsheanong 10, Labohlane
Ke eo a etla a le hara maru,mme mahlo a bohle a tla mmona,
esita le bona ba mo hlabileng,
mme meloko yohle ya lefatshe
e tla mo llela.
E! A ho be jwalo!
2024 Motsheanong 9, Labone
Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.2024 Motsheanong 8, Laboraru
Ke phahamisa matsoho a ka,ke a phahamisetsa ho wena,
moya wa ka o o nyoretswe
jwaloka lefatshe le omeletseng.
2024 Motsheanong 7, Labobedi
Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.2024 Motsheanong 6, Mmantaha
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.2024 Motsheanong 5, Sontaha
Ho tshaba bathoke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.
2024 Motsheanong 4, Moqebelo
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.2024 Motsheanong 3, Labohlane
Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”2024 Motsheanong 2, Labone
Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
2024 Motsheanong 1, Laboraru
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...