DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Mmese 2024)

2024 Mmese 30, Labobedi

Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.

2024 Mmese 29, Mmantaha

Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa.

2024 Mmese 28, Sontaha

Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.

2024 Mmese 27, Moqebelo

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

2024 Mmese 26, Labohlane

Ke ipiletsa ho wena Morena,
ke le tlasetlase.
Morena, ako utlwe lentswe la ka!
Tsebe tsa hao di ke di mamele
ha ke etsa thapedi ya ka.

2024 Mmese 25, Labone

Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.

2024 Mmese 24, Laboraru

Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.

2024 Mmese 23, Labobedi

Se qeta letsatsi se lakatsa,
se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.

2024 Mmese 22, Mmantaha

Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.

2024 Mmese 21, Sontaha

Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.

2024 Mmese 20, Moqebelo

O se ke wa re nea tlotla, Morena,
o se ke wa e nea rona,
o mpe o e nee lebitso la hao,
ka baka la mohau wa hao
le botshepehi ba hao.

2024 Mmese 19, Labohlane

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

2024 Mmese 18, Labone

Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.

2024 Mmese 17, Laboraru

Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.

2024 Mmese 16, Labobedi

Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?

2024 Mmese 15, Mmantaha

Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.

2024 Mmese 14, Sontaha

Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo.

2024 Mmese 12, Labohlane

Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.

2024 Mmese 11, Labone

Morena ke yena moahlodi wa rona,
Morena ke yena
ya re beelang molao,
Morena ke yena kgosi ya rona,
Morena ke yena ya tla re pholosa.

2024 Mmese 10, Laboraru

Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.

2024 Mmese 9, Labobedi

Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.

2024 Mmese 8, Mmantaha

O ile a tima lenyora
la ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.

2024 Mmese 7, Sontaha

Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.

2024 Mmese 6, Moqebelo

Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.

2024 Mmese 5, Labohlane

Boikakaso bo etella dihlong pele,
boikokobetso bona
bo tsamaya le bohlale.

2024 Mmese 4, Labone

A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.”

2024 Mmese 3, Laboraru

Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.

2024 Mmese 2, Labobedi

O rata ho loka le toka;
lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena.

2024 Mmese 1, Mmantaha

“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela