2025 Hlakubele 31, Mmantaha
Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.2025 Hlakubele 30, Sontaha
Lebitso la Morena ke qhobosheane,ya lokileng o tshabela teng,
a sireletsehe.
2025 Hlakubele 29, Moqebelo
Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:“Mpatleng, le tle le phele.”
2025 Hlakubele 28, Labohlane
Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”2025 Hlakubele 27, Labone
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.
2025 Hlakubele 26, Laboraru
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.2025 Hlakubele 25, Labobedi
Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.2025 Hlakubele 24, Mmantaha
Ya bohlaleo tla mamela molao pelong ya hae,
sethoto se beberang
sona se tla timela.
2025 Hlakubele 23, Sontaha
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.2025 Hlakubele 22, Moqebelo
A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ”
2025 Hlakubele 21, Labohlane
Ipee matsohong a Morena;o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.
2025 Hlakubele 20, Labone
Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.2025 Hlakubele 19, Laboraru
Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2025 Hlakubele 18, Labobedi
Moya wa ka o o tsetselela bosiu,pelo ya ka le yona
e o hlolohetswe haholo.
Ha kahlolo tsa hao
di phethwa lefatsheng,
baahi ba lefatshe
ba tla ithuta ho loka.
2025 Hlakubele 17, Mmantaha
Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.2025 Hlakubele 16, Sontaha
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
2025 Hlakubele 15, Moqebelo
O baballa ba lokilengtseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse.
2025 Hlakubele 14, Labohlane
Ke tla ba tshwarelamakgopo a bona,
ha ke sa tla hlola
ke hopola dibe tsa bona.
2025 Hlakubele 13, Labone
Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.2025 Hlakubele 12, Laboraru
Nka ba le mang lehodimonghaese wena?
Ha ke ena le wena,
ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.
2025 Hlakubele 11, Labobedi
Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.2025 Hlakubele 10, Mmantaha
Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.2025 Hlakubele 9, Sontaha
Leha ho le jwalo, Morena,wena o ntata rona;
rona re letsopa, wena o sebopi,
bohle re mosebetsi
wa matsoho a hao.
2025 Hlakubele 8, Moqebelo
Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.2025 Hlakubele 7, Labohlane
Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.2025 Hlakubele 6, Labone
Morena, mpontshe ditsela tsa hao,o nthute mehlala ya hao.
2025 Hlakubele 4, Labobedi
Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”2025 Hlakubele 3, Mmantaha
A matle hakaakang maotoa ba tsamayang hodima dithaba,
bona ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa kgotso
ba tlisang molaetsa o molemo,
ba phatlalatsang taba tsa topollo,
ba reng ho Sione:
“Modimo wa hao o a busa!”
2025 Hlakubele 2, Sontaha
Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.2025 Hlakubele 1, Moqebelo
Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Motswalle o na le lerato kamehla,ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.Temana ya go latela!