DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Hlakola 2025)

2025 Hlakola 28, Labohlane

Modimo ke setshabelo sa rona
le matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.

2025 Hlakola 27, Labone

Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae.

2025 Hlakola 26, Laboraru

Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.

2025 Hlakola 25, Labobedi

Tsela ya Morena
ke tshabelo sa ba lokileng,
empa ba kgopo bona e a ba timetsa.

2025 Hlakola 24, Mmantaha

Mme ho thahasella tsa botho ho tlisa lefu, empa ho thahasella tsa Moya ho tlisa bophelo le kgotso.

2025 Hlakola 23, Sontaha

Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.

2025 Hlakola 22, Moqebelo

Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
yena ke thebe
ya bohle ba tshabelang ho yena.

2025 Hlakola 21, Labohlane

Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.

2025 Hlakola 20, Labone

Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?

2025 Hlakola 19, Laboraru

Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele.

2025 Hlakola 18, Labobedi

Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.

2025 Hlakola 17, Mmantaha

Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.

2025 Hlakola 16, Sontaha

Kgaotsang, le tsebe
hore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe.

2025 Hlakola 15, Moqebelo

Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.

2025 Hlakola 14, Labohlane

Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato.

2025 Hlakola 13, Labone

Mosadi ya kgabane
a ka fumanwa ke mang?
Bohlokwa ba hae
bo feta le mabenyane a bohlokwa!

2025 Hlakola 12, Laboraru

Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.

2025 Hlakola 11, Labobedi

Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo.

2025 Hlakola 10, Mmantaha

Ha pelo ya ka e touta haholo,
matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.

2025 Hlakola 9, Sontaha

Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.

2025 Hlakola 8, Moqebelo

Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.

2025 Hlakola 7, Labohlane

Bophelo ba motho
bo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho.

2025 Hlakola 6, Labone

Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.

2025 Hlakola 5, Laboraru

Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.

2025 Hlakola 4, Labobedi

Ahlolelang mofokodi ka toka,
ahlolelang le kgutsana ka toka;
etsetsang mohlophehi toka,
le mohloki le mo etsetse yona.

2025 Hlakola 3, Mmantaha

Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.

2025 Hlakola 2, Sontaha

Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.

2025 Hlakola 1, Moqebelo

Jwalokaha motho
a ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela