2025 Phesekgong 31, Labohlane
Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.2025 Phesekgong 30, Labone
Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.2025 Phesekgong 29, Laboraru
Pholoho ya kae tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.
2025 Phesekgong 28, Labobedi
Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.2025 Phesekgong 27, Mmantaha
O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.2025 Phesekgong 26, Sontaha
Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing.
2025 Phesekgong 25, Moqebelo
Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.2025 Phesekgong 24, Labohlane
Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.2025 Phesekgong 23, Labone
O tla mpontsha tsela ya bophelo;thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.
2025 Phesekgong 22, Laboraru
Empa toka e ke e phalle,e phalle jwaloka noka,
ho loka ho ke ho be
jwaloka molatswana,
ho ke molatswana
o phallang kamehla.
2025 Phesekgong 21, Labobedi
Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.2025 Phesekgong 20, Mmantaha
O ila hlajwaka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae.
2025 Phesekgong 19, Sontaha
Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.2025 Phesekgong 18, Moqebelo
Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.2025 Phesekgong 17, Labohlane
Ebang sebete, le tiye dipelo,lona bohle ba tshepileng Morena.
2025 Phesekgong 16, Labone
Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.2025 Phesekgong 15, Laboraru
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.2025 Phesekgong 14, Labobedi
Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,
monna o tentshwa tshea
ke banna ba bang.
2025 Phesekgong 13, Mmantaha
Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.2025 Phesekgong 12, Sontaha
Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.2025 Phesekgong 11, Moqebelo
Nka ya kaeho ipatela moya wa hao?
Nka balehela kae
ho ipatela sefahleho sa hao?
Ha nka nyolohela mahodimong,
o teng moo;
leha nka theohela Nqalong ya Bafu,
le teng o teng.
2025 Phesekgong 10, Labohlane
Ya nang le Mora o na le bophelo boo; ya se nang Mora wa Modimo ha a na bophelo boo.2025 Phesekgong 9, Labone
Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.2025 Phesekgong 8, Laboraru
Yena ke Lefika,mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla.
2025 Phesekgong 7, Labobedi
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!2025 Phesekgong 6, Mmantaha
Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?2025 Phesekgong 5, Sontaha
Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
ba ke ke ba hloka letho le molemo.
2025 Phesekgong 4, Moqebelo
Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.2025 Phesekgong 3, Labohlane
A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”2025 Phesekgong 2, Labone
Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
2025 Phesekgong 1, Laboraru
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...