2024 Tshitwe 31, Labobedi
Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.2024 Tshitwe 30, Mmantaha
Nthute ho phetha thato ya hao,hobane ke wena Modimo wa ka.
Moya wa hao o motle
o ke o ntsamaise,
o ntsamaise tseleng e bataletseng.
2024 Tshitwe 29, Sontaha
E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.2024 Tshitwe 28, Moqebelo
Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.2024 Tshitwe 27, Labohlane
Modimo ke mang,haese Morena?
Lefika ke mang,
haese Modimo wa rona?
2024 Tshitwe 26, Labone
Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.2024 Tshitwe 25, Laboraru
Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:“Bonang, morwetsana o tla emola,
a tswale mora,
mme mora eo o tla rewa
lebitso la Emmanuele,”
e leng ho re: Modimo o na le rona.
2024 Tshitwe 24, Labobedi
Modimo, bontsha horeo okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
2024 Tshitwe 23, Mmantaha
Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.”2024 Tshitwe 22, Sontaha
Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.2024 Tshitwe 21, Moqebelo
Ke yena feela lefika la kale pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.
2024 Tshitwe 20, Labohlane
Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.2024 Tshitwe 19, Labone
A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”2024 Tshitwe 18, Laboraru
Ya nang le mamelloo molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.
2024 Tshitwe 17, Labobedi
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.2024 Tshitwe 16, Mmantaha
Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.2024 Tshitwe 15, Sontaha
Hobane mohau wa hao o moholo,o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung.
2024 Tshitwe 14, Moqebelo
Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.2024 Tshitwe 13, Labohlane
Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.2024 Tshitwe 12, Labone
O re phemise ho kena molekong,o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen.
2024 Tshitwe 11, Laboraru
Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2024 Tshitwe 10, Labobedi
Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.2024 Tshitwe 9, Mmantaha
Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka.
2024 Tshitwe 8, Sontaha
Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.2024 Tshitwe 7, Moqebelo
Morena o re laetse tjena:“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”
2024 Tshitwe 6, Labohlane
Tsena tsohledi tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng.
2024 Tshitwe 5, Labone
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.2024 Tshitwe 4, Laboraru
Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.2024 Tshitwe 3, Labobedi
Morena o beile leihlo la haeho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.
2024 Tshitwe 2, Mmantaha
Rona le Moya o Halalelang, oo Modimo a o neileng ba mo mamelang, re dipaki tsa ditaba tsena.2024 Tshitwe 1, Sontaha
Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Ebe motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?