- Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.
- Polelo tse monate
di ka mahe a dinotshi,
moyeng di a hlabosa,
di matlafatse mmele. - Bokang Morena,
le rapele lebitso la hae,
le tumise diketso tsa hae,
le di tumise hara ditjhaba. - Le dipolelo
tseo ke di buang di jwalo,
di ke ke tsa kgutlela ho nna
di sa sebetsa letho,
empa di tla phethahatsa
seo ke se ratang,
di phethe merero
eo ke di rometseng ho e phetha. - Ako kgahlwe ke mantswe
a tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka. - Sethoto ha se thabele
ho ba le kutlwisiso,
se thabela
ho pepesa mehopolo ya sona. - Morena, ako nnamolele
molomong wa ya leshano,
le lelemeng la ya thetsang. - Polelo tsa ya kgopo
di timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo. - Leleme la sethoto
le baka diqabang,
polelo tsa sona
di se memela ho shapuwa. - Ho feha matshwafo
ho nyahamisa pelo ya motho,
polelo e monate yona e a e thoba. - Mesebetsi yohle
e na le moputso wa yona,
empa ho berabera
hona ho a futsanehisa. - Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.
- Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.
- Tshwara leleme la hao
le se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano. - Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
- Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong. - Ha ke ne ke sa kgutsitse,
ke ne ke opelwa ke masapo
ke ho dumaela letsatsi lohle. - Ya lokileng
o bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba. - Ha le re ‘e’, le re ‘e’; ha le re ‘tjhe’, le re ‘tjhe’; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.
- Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.
- Lentswe le eso be teng lemeng la ka,
o se o le tseba hantle, Morena. - Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,
sethoto sona ke maratahelele! - Se bue leshano ka molomo wa hao,
puo tse thetsang
di se tswe ka hanong la hao. - Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.
- Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.
Dihlogotaba tša go tswalana
Go sekama
Morena o hloile motho...
Sebe
Kapa na ha le...
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Lesebo
Motho ya kgopo o...
Nnete
Ke ya metsamao e...
Tšhegofatšo
Morena a le hlohonolofatse...
Temana ya Bibele ya lehono
Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.Temana ya go latela!
